BUKA EA BOBELI EA SAMUELE
1 Ka mor’a lefu la Saule ha Davida a tsoa hlola* Baamaleke, o ile a lula Ziklage+ matsatsi a mabeli. 2 Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ea tsoang ho Saule ntoeng, liaparo tsa hae li tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a khumama eaba o inamela fatše.
3 Davida a re ho eena: “U tsoa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.” 4 Davida a re ho eena: “Ke kopa u mpolelle hore na ho etsahetse’ng.” Eaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntoeng ’me batho ba bangata ba shoele. Esita le Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele.”+ 5 Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tseba joang hore Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele?” 6 Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ea Gilboa,+ ka tšohanyetso ke ile ka bona Saule a itšetlehile ka lerumo la hae ’me likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere ba ne ba se ba mo fumane.+ 7 Ha a hetla ’me a mpona, o ile a mpitsa ’me ka re, ‘Ke ’na enoa.’ 8 A re ho ’na, ‘U mang?’ Eaba ke re ho eena, ‘Ke Moamaleke.’+ 9 Saule a re, ‘Ke kopa u eme holim’a ka ’me u mpolaee kaha kea opeloa hobane ke ntse ke phela.’ 10 Kahoo, ke ile ka ema holim’a hae ’me ka mo bolaea+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mor’a hore a oele fatše a lemetse hakaalo. Eaba ke nka korone e neng e le hloohong ea hae le sefaha se neng se le letsohong la hae ’me ka li tlisa mona ho uena moren’a ka.”
11 Eaba Davida o tabola liaparo tsa hae ’me le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba tabola tsa bona. 12 Ba ile ba lla habohloko ’me ba itima lijo+ ho fihlela mantsiboea. Ba ne ba llela Saule, mora oa hae Jonathane le sechaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailoe ka sabole.
13 Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tsoa hokae?” A re: “Ke mora oa molichaba, Moamaleke.” 14 Eaba Davida o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u sa ka oa tšaba ho bolaea motlotsuoa oa Jehova?”+ 15 Davida a bitsa e mong oa bahlanka ba hae a re: “Atamela ’me u mo hlabe.” Kahoo, a mo hlaba ’me a shoa.+ 16 Davida o ne a itse ho eena: “U tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane u fane ka bopaki ka molomo oa hao oa re, ‘Ke ’na ea bolaileng motlotsuoa oa Jehova.’”+
17 Eaba Davida o bina pina ena ea koli-ea-malla* ka lebaka la Saule le mora oa hae Jonathane+ 18 ’me a re sechaba sa Juda se rutoe pina eo e bitsoang “Seqha” e ngotsoeng bukeng ea Jashare:+
19 “Uena Iseraele, botle bo bolailoe holim’a libaka tsa hao tse phahameng.+
Bona kamoo ho shoeleng banna ba matla kateng!
20 Le se ke la bolela sena Gathe,+
Le se ke la se bolela literateng tsa Ashkelone
Kaha barali ba Bafilista ba tla thaba
Le barali ba banna ba sa bollang ba nyakalle.
Ho se ke ha e-ba le phoka kapa pula holim’a lona,
Ho se ke ha e-ba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+
Hobane thebe ea ba matla e ile ea silafatsoa moo,
Thebe ea Saule ha e sa tlotsitsoe ka oli.
22 Seqha sa Jonathane ha sea ka sa khutla+ maling a ba bolailoeng
Le mafureng a ba matla
Le sabole ea Saule e ne e sa khutle e sa atleha.+
23 Saule le Jonathane+ ba ne ba ratoa haholo ha ba ntse ba phela
Le lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+
24 Lona barali ba Iseraele, llelang Saule,
Ea ileng a le apesa liaparo tse khubelu* le tse nang le mokhabiso,
Ea ileng a beha mekhabiso ea khauta holim’a liaparo tsa lona.
25 Bona kamoo ho bolailoeng banna ba matla kateng ntoeng!
Jonathane o bolaetsoe libakeng tsa hao tse phahameng.+
Lerato leo u neng u nthata ka lona, le ne le feta lerato la basali.+
27 Bona kamoo ba matla ba bolailoeng kateng
Le kamoo libetsa tsa ntoa li senyehileng kateng!”
2 Ka mor’a moo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ee ho o mong oa metse ea Juda?” Jehova a re ho eena: “Tsamaea.” Eaba Davida o re: “Ke ee hokae?” A re: “Hebrone.”+ 2 Kahoo, Davida a ea moo le basali ba hae ba babeli e leng Akinoame+ oa Mojezriele le Abigaile+ mohlolohali oa Nabale oa Mokarmele. 3 Hape Davida o ile a tsamaea le banna ba neng ba e-na le eena,+ e mong le e mong le lelapa la hae ’me ba lula metseng e Hebrone. 4 Eaba banna ba Juda ba tla moo ’me ba tlotsa Davida hore e be morena oa ntlo ea Juda.+
Ba re ho Davida: “Banna ba Jabeshe-gileade ke bona ba ileng ba pata Saule.” 5 Joale Davida a romela baromuoa ho banna ba Jabeshe-gileade ’me a re ho bona: “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hobane le bontšitse hore le rata* morena oa lona Saule ka ho mo pata.+ 6 E se eka Jehova a ka le rata* ka linako tsohle. Le ’na ke tla le rata ka lebaka la ntho eo le e entseng.+ 7 E-bang matla ’me le be banna ba sebete hobane morena oa lona Saule o shoele ’me ba lelapa la Juda ba ntlotsitse hore ke be morena oa bona.”
8 Empa molaoli oa sesole sa Saule e leng Abnere+ mora oa Nere, o ne a tsamaisitse mora oa Saule e leng Ish-boshethe+ a mo isitse Mahanaime+ 9 eaba o mo etsa morena oa Gileade,+ oa Baashure, oa Jezriele,+ oa Efraime,+ oa Benjamine le oa libaka tsohle tsa Iseraele. 10 Ish-boshethe mora oa Saule o ne a le lilemo li 40 ha e e-ba morena oa Iseraele ’me o ile a busa ka lilemo tse peli. Empa ba lelapa la Juda ba ne ba tšehetsa Davida.+ 11 Davida e ile ea e-ba morena oa ntlo ea Juda motseng oa Hebrone ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng.+
12 Ka mor’a nako Abnere mora oa Nere le bahlanka ba Ish-boshethe mora oa Saule, ba tloha Mahanaime+ ba ea Gibeone.+ 13 Joabe+ mora oa Tseruja+ le bahlanka ba Davida ba ea letamong la Gibeone ’me ba kopana le bona moo. Sehlopha se seng se ne se lutse ka nģ’ena ho letamo ’me se seng se lutse ka nģ’ane ho letamo. 14 Qetellong Abnere a re ho Joabe: “E-re bahlankana ba eme ba hlolisane ka ho loantšana ka pel’a rona.” Eaba Joabe o re: “E-re ba eme.” 15 Kahoo, ba ema ’me ba tšela ka palo e lekanang, bahlanka ba 12 ba Benjamine le Ish-boshethe mora oa Saule le ba 12 ba Davida. 16 Ba tšoarana ka lihlooho ’me e mong le e mong a hlaba ea mo loantšang lehlakoreng ka sabole, kaofela ha bona ba oela fatše ba shoa. Kahoo, sebaka seo se Gibeone se ile sa bitsoa Helkathe-hazurime.
17 E ile ea e-ba ntoa e mpe haholo ’me bahlanka ba Davida ba hlola Abnere le banna ba Iseraele letsatsing leo. 18 Bara ba bararo ba Tseruja+ ba ne ba le moo e leng Joabe,+ Abishai+ le Asahele.+ Asahele o ne a le lebelo joaloka tšephe e mathang tšimong. 19 Asahele a lelekisa Abnere, a sa khelohele ka lehlakoreng le letona kapa le letšehali ha a ntse a lelekisa Abnere. 20 Ha Abnere a hetla a re: “Asahele, na ke uena?” Eaba o re: “E, ke ’na.” 21 Eaba Abnere o re ho eena: “Khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali, u tšoare e mong oa bahlankana ’me u inkele ntho leha e le efe eo u tla mo hlobolisa eona.” Empa Asahele ha aa ka a tlohela ho mo lelekisa. 22 Abnere a boela a re ho Asahele: “Tlohela ho ntelekisa, ho seng joalo ke tla u bolaea. Ha nka u bolaea ke tla soabela ho sheba ngoan’eno Joabe ka mahlong.” 23 Empa a ’na a mo lelekisa. Kahoo, Abnere a mo hlaba ka lerumo+ mpeng ’me la hlahella ka nģ’ane eaba o oela moo ’me o shoella hona teng. Motho e mong le e mong ea neng a tla sebakeng seo Asahele a shoeletseng ho sona o ne a ema hanyenyane ha a fihla moo.
24 Joale Joabe le Abishai ba lelekisa Abnere. Ha letsatsi le likela, ba fihla leralleng la Ama, e shebaneng le Gia tseleng e eang lefeelleng la Gibeone. 25 Babenjamine ba bokana ka mor’a Abnere ’me ba ema e le sehlopha se le seng holim’a leralla le itseng. 26 Eaba Abnere o hoeletsa Joabe o re: “Re tl’o bolaeana ho fihlela neng? Na ha u tsebe hore qetellong ntho ee e tla fella habohloko? Joale u tla bolella bahlankana baa neng hore ba tlohele ho lelekisa bana ba bo bona?” 27 Eaba Joabe o re: “Ke hlapanya ka Molimo oa ’nete ea phelang hore haeba u ne u sa bua, bahlankana bana ba ka be ba lelekisitse bana ba bo bona ho fihlela hoseng.” 28 Joale Joabe a letsa lenaka ’me bahlanka ba hae ba emisa ho lelekisa Baiseraele eaba ntoa ea emisa.
29 Abnere le bahlanka ba hae ba feta Araba+ eohle bosiung boo ’me ba tšelela Jordane eaba ba feta khohlo* ea Jordane, qetellong ba fihla Mahanaime.+ 30 Ha Joabe a khutla ho tsoa lelekisa Abnere, a bokella sechaba sohle. Ka lehlakoreng la Davida, ho ne ho shoele Asahele le bahlanka ba 19. 31 Empa bahlanka ba Davida ba ne ba hlotse Babenjamine le bahlanka ba Abnere ’me ba ne ba bolaile bahlanka ba bona ba 360. 32 Eaba ba nka Asahele+ ba mo patela lebitleng la ntate oa hae le Bethlehema.+ Eaba Joabe le bahlanka ba hae ba tsamaea bosiu kaofela ’me ba fihla Hebrone+ ka meso.
3 Ntoa pakeng tsa ba lelapa la Saule le ba lelapa la Davida ea ’na ea tsoela pele. Davida a ’na a ba matla+ empa ba lelapa la Saule ba ’na ba fokola.+
2 Davida a ba le bara ha a ntse a le Hebrone.+ Mora oa hae oa letsibolo e ne e le Amnone+ eo a bileng le eena le Akinoame+ oa Mojezriele. 3 Mora oa hae oa bobeli e ne e le Kileabe eo a bileng le eena le Abigaile+ mohlolohali oa Nabale oa Mokarmele. Oa boraro e ne e le Absalome+ mora oa Maaka, morali oa Talmai+ morena oa Geshure. 4 Mora oa hae oa bone e le Adonija+ eo a bileng le eena le Hagithe ’me oa bohlano e le Shefatia eo a bileng le eena le Abitale. 5 Oa botšelela e le Ithereame eo a bileng le eena le mosali oa hae Egla. Davida o ile a ba le bara bana ha a le Hebrone.
6 Ha ntoa e ntse e tsoela pele pakeng tsa ba lelapa la Saule le ba lelapa la Davida, Abnere+ a ’na a ba matla ka tlung ea Saule. 7 Joale Saule o ne a e-na le serethe* se bitsoang Rizpa+ morali oa Aja. Hamorao Ish-boshethe+ a re ho Abnere: “Ke hobane’ng ha u robetse le serethe sa ntate oa ka?”+ 8 Abnere a halefisoa ke seo Ish-boshethe a se buileng ’me a re: “Na ke ntja naheng ea Juda? Haesale ke tšepahaletse* lelapa la ntate oa hao Saule, bana babo le metsoalle ea hae ho fihlela letsatsing lena, ha kea ka ka nehelana ka uena ho Davida empa kajeno u nqosa ka hore ke entse sebe le mosali. 9 E se eka Molimo a ka fa ’na Abnere kotlo e boima haeba ke sa etsetse Davida seo Jehova a mo hlapanyelitseng sona,+ 10 e leng ho tlosa ’muso ntlong ea Saule ho o isa teroneng ea Davida hore a buse Iseraele le Juda, ho tloha Dane ho ea Beersheba.”+ 11 Ho tloha moo, Ish-boshethe ha aa ka a hlola a bua letho ho Abnere hobane o ne a mo tšaba.+
12 Hang-hang Abnere a romela baromuoa ho Davida a re: “Naha ke ea mang?” A boela a re: “Etsa selekane le ’na ’me ke tla etsa sohle seo nka se khonang* hore Baiseraele bohle ba be ka lehlakoreng la hao.”+ 13 Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le uena. Ntho feela eo ke e kopang ho uena ke hore u se ke oa tla ho ’na ntle leha u tla le Mikale+ morali oa Saule, ha u tl’o mpona.” 14 Eaba Davida o romela baromuoa ho Ish-boshethe+ mora oa Saule o re: “Mphe mosali oa ka Mikale eo ke ileng ka mo lebeletsa ka lintlha tse 100 tsa matlalo a litho tsa botona tsa Bafilista.”+ 15 Kahoo, Ish-boshethe a romela batho hore ba late Mikale ho monna oa hae Paltiele+ mora oa Laishe. 16 Empa monna oa hae a ’na a tsamaea le eena. O ne a lla ha a ntse a mo setse morao ho ea fihla Bahurime.+ Eaba Abnere o re ho eena: “Khutla!” Kahoo a khutla.
17 Ka nako eo, Abnere a romela molaetsa ho baholo ba Iseraele a re: “Esale le batla ho busoa ke Davida. 18 Joale ke nako ea hore le mo etse morena oa lona hobane Jehova o itse ho Davida: ‘Ke tla pholosa sechaba sa ka sa Iseraele ho Bafilista le ho lira tsa sona ke sebelisa mohlanka oa ka Davida.’”+ 19 Joale Abnere a bua le Babenjamine.+ Abnere a boela a bua le Davida moo a leng mong Hebrone, a mo bolella seo Baiseraele le Babenjamine ba lumellaneng ka sona.
20 Ha Abnere a fihla ho Davida Hebrone a e-na le banna ba 20, Davida a ba etsetsa mokete. 21 Eaba Abnere o re ho Davida: “E-re ke tsamaee ke e’o bokellela moren’a ka sechaba sohle sa Iseraele e le hore se ka etsa selekane le uena ’me oa ba morena holim’a Iseraele eohle.” Kahoo, Davida a re Abnere a tsamaee eaba o itsamaela ka khotso.
22 Ha Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla ho tsoa ntoeng, ba fihla le lintho tse ngata tse hapiloeng. Abnere o ne a se a tlohile ho Davida Hebrone hobane Davida o ne a itse a tsamaee ka khotso. 23 Ha Joabe+ le masole ’ohle a neng a e-na le eena ba fihla, Joabe a bolelloa sena: “Abnere+ mora oa Nere+ o ne a tlile ho morena ’me morena a re a tsamaee eaba o itsamaela ka khotso.” 24 Joale Joabe a ea ho morena ’me a re: “U entse’ng? Abnere o ne a tlile ho uena, joale ke hobane’ng ha u mo tloheletse hore a itsamaele ka khotso? 25 U tseba Abnere mora oa Nere hantle. O ne a tlile mona ho tla u thetsa le ho tseba merero ea hao le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.”
26 Joabe a tloha ho Davida ’me a re baromuoa ba lelekise Abnere eaba ba khutla le eena ho tsoa selibeng sa Sira. Empa Davida o ne a sa tsebe letho ka taba ena. 27 Ha Abnere a khutlela Hebrone,+ Joabe a mo nkela ka thoko ka har’a keiti ea motse hore ba tl’o buisana ba le babeli feela. Leha ho le joalo, ha ba fihla moo, a mo hlaba mpeng eaba oa shoa.+ O ne a mo bolaea hobane a bolaile ngoan’abo Asahele.+ 28 Hamorao ha Davida a utloa ka taba ena a re: “ ’Na le ’muso oa ka re tla lula re se na molato ka pel’a Jehova bakeng sa lefu+ la Abnere mora oa Nere. 29 E se eka molato oa polao ea Abnere o ka khutlela ho Joabe+ le ho bohle ba lelapa la ntate oa hae. E se eka lelapeng la Joabe ho ka lula ho e-na le monna eo setho sa hae sa botona se lutlang,+ molepera,+ monna ea holofetseng,* monna ea bolaoang ka sabole kapa ea hlokang lijo.”+ 30 Kahoo, Joabe le ngoan’abo Abishai+ ba bolaea Abnere+ hobane o ne a bolaile ngoan’abo bona Asahele ha ba le ntoeng+ Gibeone.
31 Eaba Davida o re ho Joabe le ho batho bohle ba nang le eena: “Tabolang liaparo tsa lona ’me le itlame ka lesela le hoashang* le llele Abnere.” Morena Davida o ne a tsamaea ka mor’a batho ba jereng mofu. 32 Ba patela Abnere Hebrone. Morena o ile a lla haholo lebitleng la Abnere ’me batho kaofela le bona ba lla. 33 Morena a binela Abnere a re:
“Na Abnere a ka shoa lefu le kang la motho ea se nang kelello?
U shoele joaloka motho ea bolaoang ke linokoane.”*+
Eaba batho kaofela ba mo llela hape.
35 Hamorao batho bohle ba tla ho Davida, ba mo fa bohobe ba matšeliso e sa le motšehare. Empa Davida a hlapanya a re: “E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba nka ja bohobe kapa ntho leha e le efe pele letsatsi le likela!”+ 36 Sechaba sohle se ile sa bona seo morena a se etsang ’me sa thaba feela joalokaha se ne se thabela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a e etsang. 37 Letsatsing leo, sechaba sohle le Iseraele eohle ea tseba hore ha se morena ea bolaileng Abnere mora oa Nere.+ 38 Eaba morena o re ho bahlanka ba hae: “Na ha le tsebe hore letsatsing la kajeno Iseraele ho shoele khosana, monna ea matla?+ 39 Kajeno kea fokola le hoja ke tlotsitsoe hore ke be morena+ ’me banna bana e leng bara ba Tseruja,+ ba sehloho haholo.+ E se eka Jehova a ka buseletsa motho ea etsang lintho tse mpe ho ea ka lintho tse mpe tseo a li etsang.”+
4 Ha Ish-boshethe+ mora oa Saule a utloa hore Abnere o shoeletse Hebrone,+ a tšoha haholo* ’me Baiseraele bohle ba ferekana. 2 Ho ne ho e-na le banna ba babeli bao e neng e le balaoli ba sehlopha sa masole sa mora oa Saule: Lebitso la e mong e ne e le Baana ’me la e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone Mobeerothe, oa leloko la Benjamine. (Beerothe+ le eona e ne e kile ea e-ba karolo ea Benjamine. 3 Babeerothe ba ile ba balehela Gitaime+ ’me le kajeno e ntse e le balichaba moo.)
4 Joale Jonathane+ mora oa Saule o ne a e-na le mora ea holofetseng maoto.+ O ne a le lilemo li hlano ha tlaleho ea hore Saule le Jonathane ba shoele e fihla e tsoa Jezriele.+ Mohlokomeli oa hae a mo nka a baleha ka eena empa ha a ntse a matha a tšohile, mora eo a oa eaba oa holofala. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe.+
5 Bara ba Rimone oa Mobeerothe, Rekabe le Baana ba ea ntlong ea Ish-boshethe motšehare ha letsatsi le chesa, ha a ntse a phomotse. 6 Ba kena ka tlung joalokaha eka ba e’o lata koro eaba ba mo hlaba mpeng. Ka mor’a moo, Rekabe le ngoan’abo Baana+ ba baleha. 7 Ha ba kena ka tlung, ba mo fumana a robetse betheng ka kamoreng ea hae eaba baa mo hlaba ’me baa mo bolaea, ka mor’a moo ba mo khaola hlooho. Ba nka hlooho eo ea hae ’me ba tsamaea ka eona bosiu kaofela tseleng e eang Araba. 8 Eaba ba tlisa hlooho ea Ish-boshethe+ ho morena Davida Hebrone ’me ba re ho eena: “Ke ena hlooho ea Ish-boshethe mora oa Saule e leng sera sa hao+ se neng se batla ho u bolaea.+ Kajeno Jehova o etsa hore moren’a ka a iphetetse ho Saule le ho bana ba hae.”
9 Leha ho le joalo, Davida a araba Rekabe le ngoan’abo Baana, bara ba Rimone oa Mobeerothe a re ho bona: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang ea ileng a mpholosa mathateng ’ohle,+ 10 ha motho e mong a ntlalehela hore Saule o shoele+ ’me a nahana hore o ntliselitse litaba tse monate, ke ile ka mo tšoara ’me ka mo bolaea+ Ziklage. Ke moputso oo ke ileng ka o fa motho eo. 11 Ke tla etsa joalo le ka banna ba khopo ba bolaileng monna ea lokileng ka tlung ea hae a le holim’a bethe ea hae. Ke tla batla mali a hae matsohong a lona+ ’me ke le bolaee.” 12 Eaba Davida o laela bahlankana ba hae hore ba ba bolaee.+ Ba ba khaola maoto le matsoho ’me ba ba fanyeha+ pel’a letamo Hebrone. Empa ba nka hlooho ea Ish-boshethe ba e patela moo ho patetsoeng Abnere Hebrone.
5 Ka mor’a nako, maloko ’ohle a Iseraele a tla ho Davida Hebrone+ a fihla a re: “Re bana beno.*+ 2 Nakong e fetileng ha Saule e ne e le morena oa rona, ke uena ea neng a etella Iseraele pele ha e il’o loana.*+ Jehova o itse ho uena: ‘U tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele ’me u tla ba moeta-pele oa Iseraele.’”+ 3 Baholo bohle ba Iseraele ba tla Hebrone ho morena ’me Morena Davida a etsa selekane le bona+ Hebrone ka pel’a Jehova. Eaba ba tlotsa Davida hore e be morena oa Iseraele.+
4 Davida o ne a le lilemo li 30 ha e e-ba morena ’me o ile a busa ka lilemo tse 40.+ 5 Ha a le Hebrone o ile a busa Juda ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng ’me Jerusalema+ teng a busa Iseraele eohle le Juda ka lilemo tse 33. 6 Morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ho ea loantša Bajebuse+ ba neng ba lula naheng eo. Ba ne ba nyefola Davida ba re: “U ke ke oa kena mona! Esita le lifofu le ba holofetseng ba tla u leleka.” Ba ne ba nahana hore Davida a ke ke a hapa motse oo.+ 7 Leha ho le joalo, Davida a hapa motse o sireletsehileng oa Sione, oo hona joale o bitsoang Motse oa Davida.+ 8 Letsatsing leo Davida a re: “Ba hlaselang Bajebuse ba sebelise kotopo ea metsi ho bolaea ba holofetseng le ba foufetseng, bao Davida a ba hloileng.” Ke kahoo ho thoeng: “Ba foufetseng le ba holofetseng ba ke ke ba kena ka tlung.” 9 Davida a lula motseng o sireletsehileng. O ne o bitsoa* Motse oa Davida. Davida a qala ho haha ho tloha Qubung*+ ho kenella ka hare.+ 10 Kahoo, Davida a ’na a ba matla le ho feta+ ’me Jehova Molimo oa mabotho o ne a e-na le eena.+
11 Morena Hirame+ oa Tire a romela baromuoa ho Davida, a romela le lifate tsa kedare,+ batho ba sebetsang ka mapolanka le ba betlang majoe bakeng sa ho haha marako. Eaba ba qala ho hahela Davida ntlo.*+ 12 Davida o ne a tseba hore Jehova o tiisitse borena ba hae Iseraele+ le hore o entse hore ’muso oa hae o be matla+ molemong oa sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Davida o ile a ba le lirethe+ le basali ba bangata Jerusalema ha a tsoa Hebrone, o ile a ba le bara le barali ba bangata.+ 14 Ana ke mabitso a bana ba hae ba hlahetseng Jerusalema: Shamua, Shobabe, Nathane,+ Solomone,+ 15 Ibare, Elishua, Nefege, Jafia, 16 Elishama, Eliada le Elifelete.
17 Ha Bafilista ba utloa hore Davida o tlotsitsoe hore e be morena oa Iseraele,+ Bafilista bohle ba tla ho tla loantša Davida.+ Ha Davida a utloa taba ena, a theohela sebakeng se sireletsehileng.+ 18 Joale Bafilista ba fihla ba hasana Khohlong* ea Refaime.+ 19 Davida a botsa Jehova+ a re: “Na nka ea ke e’o loantša Bafilista? Na u tla nthusa hore ke ba hlole?” Eaba Jehova o re ho Davida: “Tsamaea hobane ke tla u thusa hore u hlole Bafilista.”+ 20 Kahoo, Davida a ea Baale-perazime ’me a ba bolaela moo. Eaba o re: “Jehova o hlotse lira tsa ka+ joaloka lerako le lihiloeng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Baale-perazime.*+ 21 Bafilista ba siea melimo ea bona ea litšoantšo moo ’me Davida le banna ba hae ba e lahla.
22 Hamorao Bafilista ba boela ba tla ’me ba hasana Khohlong* ea Refaime.+ 23 Eaba Davida o botsa Jehova empa a mo araba a re: “U se ke oa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa u ba pote ka morao ’me u ba hlasele u hlaha ka pel’a lihlahla tsa bak’ha. 24 Ha u utloa lerata la masole a tsamaeang holim’a lihlahla tsa bak’ha, u a hlasele hang-hang hobane Jehova o tla be a u eteletse pele ho ea bolaea masole a Bafilista.” 25 Davida a etsa feela joalokaha Jehova a mo laetse eaba o bolaea Bafilista+ ho tloha Geba+ ho ea fihla Gezere.+
6 Davida a boela a bokella banna ba 30 000 ba matla ka ho fetisisa Iseraele. 2 Joale Davida le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba ea Baale-juda ho ea lata Areka ea Molimo oa ’nete,+ eo ho eona batho ba rapelang Jehova oa mabotho,+ ea lutseng holim’a* likerubime.+ 3 Leha ho le joalo, ba palamisa Areka ea Molimo oa ’nete kariking e ncha+ e le hore ba e tlose ntlong ea Abinadabe+ e neng e le leralleng. Uza le Akio bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaea ka pel’a kariki eo e ncha.
4 Kahoo, ba tlosa Areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Abinadabe e neng e le leralleng ’me Akio o ne a tsamaea ka pel’a Areka eo. 5 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa junipere ea lepolanka, liharepa, liletsa tse ling tse likhoele,+ meropa e menyenyane,+ lisistrame le ka lisimbala.+ 6 Empa ha ba fihla seotlong sa Nakone, Uza a otlolla letsoho ’me a tšoara Areka ea Molimo oa ’nete+ hobane likhomo li ile tsa batla li e liha. 7 Eaba Jehova Molimo oa ’nete o halefela Uza ’me o mo bolaela+ moo hobane a ne a sa hlompha molao oa Molimo.+ Kahoo, o ile a shoella moo pel’a Areka ea Molimo oa ’nete. 8 Empa Davida a koata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitsoa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena. 9 Letsatsing leo, Davida a tšoha ’me a tšaba Jehova+ a re: “Joale Areka ea Jehova e ka tla joang ho ’na?”+ 10 Davida o ne a sa batle ho tlisa Areka ea Jehova ho eena Motseng oa Davida.+ A re e isoe ntlong ea Obede-edomo+ oa Mogathe.
11 Areka ea Jehova ea lula ntlong ea Obede-edomo oa Mogathe ka likhoeli tse tharo ’me Jehova a ’na a hlohonolofatsa Obede-edomo le bohle ba lelapa la hae.+ 12 Morena Davida a fumana tlaleho ena: “Jehova o hlohonolofalitse ntlo ea Obede-edomo le lintho tsohle tsa hae ka lebaka la Areka ea Molimo oa ’nete.” Kahoo, Davida a lata Areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Obede-edomo a e tlisa Motseng oa Davida a thabile.+ 13 Ha batho ba jereng+ Areka ea Jehova ba tsamaile mehato e tšeletseng, a etsa sehlabelo ka poho le phoofolo e nonneng.
14 Davida o ne a tantša ka matla a hae kaofela ka pel’a Jehova. Ka nako eo eohle o ne a apere* efoda* ea line.+ 15 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba tlisa Areka+ ea Jehova ba thabile+ ebile ba letsa lenaka.+ 16 Empa ha Areka ea Jehova e fihla Motseng oa Davida, Mikale+ morali oa Saule o ne a shebile tlase ka fensetere ’me a bona Morena Davida a tlola-tlola a bile a tantša ka pel’a Jehova. A mo nyefola ka pelong ea hae.+ 17 Eaba ba tlisa Areka ea Jehova ’me ba e beha ka tenteng eo Davida a neng a e hlometse eona.+ Davida a etsetsa Jehova+ linyehelo tsa secheso+ le mahlabelo a kopanetsoeng.+ 18 Ha a qetile ho etsa linyehelo tsa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, a hlohonolofatsa batho ka lebitso la Jehova oa mabotho. 19 Ho ekelletsa moo, o ile a fa Baiseraele bohle, monna le mosali e mong le e mong bohobe bo selika-likoe bo lesoba hare, polokoe ea litholoana tsa palema le polokoe ea morara o omisitsoeng. Ka mor’a moo, batho bohle ba ea matlong a bona.
20 Joale ha Davida a khutla ho ea hlohonolofatsa ba lelapa la hae, Mikale+ morali oa Saule a tsoa ho ea kopana le eena. A re: “Morena oa Iseraele o itlotlolotse hakaakang kajeno ha a ne a hlobola ka pel’a basebeletsi ba hae ba basali feela joalokaha monna ea se nang kelello a hlobola ka pel’a batho!”+ 21 Eaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke ketekela Jehova ea khethileng ’na, eseng ntate oa hao le ba lelapa la hae le ea ileng a nkhetha hore ke be moeta-pele oa sechaba sa Jehova sa Iseraele.+ Kahoo, ke tla ketekela Jehova 22 ’me ke tla ikokobetsa le ho feta ke be ke ipehe fatše esita le mahlong a ka. Empa basebeletsi ba basali bao u buileng ka bona, ba tla ntlotlisa.” 23 Kahoo, Mikale+ morali oa Saule o ile a ba a shoa a se na bana.
7 Ha morena a lutse ka tlung* ea hae+ ’me Jehova a mo phomolitse ho lira tsohle tsa hae tse mo potolohileng, 2 morena a re ho moprofeta Nathane:+ “ ’Na ke lula ka tlung e entsoeng ka likedare+ empa Areka ea Molimo oa ’nete eona e lula ka tenteng ea masela.”+ 3 Nathane a re ho morena: “Tsamaea ’me u etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hao hobane Jehova o na le uena.”+
4 Bosiung bona boo, Jehova a re ho Nathane: 5 “E-ea ho mohlanka oa ka Davida u mo bolelle hore Jehova o re, ‘Na ke uena ea lokelang ho nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona?+ 6 Ha ke e-s’o lule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntšitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena+ empa haesale ke tsamaea ke le ka tenteng le ka tabernakeleng.+ 7 Nakong eohle eo ke neng ke tsamaea le sechaba sohle sa Iseraele,* na nkile ka bua le moeta-pele leha e le ofe oa maloko a Iseraele eo ke mo khethileng hore a lise sechaba sa ka sa Iseraele ka re, “Ke hobane’ng ha u sa nkahela ntlo e entsoeng ka likedare?” 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 9 Ke tla ba le uena kae kapa kae moo u eang teng+ ’me ke felise lira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale+ le be joaloka mabitso a batho ba tummeng lefatšeng. 10 Ke tla khethela sechaba sa ka sa Iseraele sebaka ’me se tla lula moo. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le batho ba tla se tšoenya. Banna ba khopo ba ke ke ba se hatella hape joaloka pele,+ 11 ho tloha letsatsing leo ke khethelang sechaba sa ka sa Iseraele baahloli.+ Hape ke tla u phomotsa ho lira tsohle tsa hao.+
Jehova o boetse o u boleletse hore Jehova o tla u hahela ntlo.*+ 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 13 Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.+ 14 Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa ke tla mo khalemela ka thupa* ’me ke mo shape feela joalokaha batho ba etsa.+ 15 Nke ke ka khaotsa ho mo bontša lerato* joalokaha ke ile ka tlohela ho rata Saule,+ eo ke ileng ka mo tlosa ka pel’a hao. 16 Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+
17 Nathane a bolella Davida mantsoe ana ’ohle le sohle seo a se boneng ponong.+
18 Eaba Morena Davida oa tla ’me o lula ka pel’a Jehova o re: “ ’Na ke mang Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe u nketselitse lintho tsee?+ 19 Ho feta moo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u boetse u bua ka seo u tla se etsetsa lelapa la mohlanka oa hao nakong e tlang. Ena ke taelo* e tla fuoa batho bohle, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. 20 ’Na mohlanka oa hao Davida ke tla re’ng ho uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle kaha u ntseba hantle?+ 21 Ka lebaka la lentsoe la hao le ka hobane u ne u batla,* u entse lintho tsena tsohle tse kholo ’me oa etsa hore ’na mohlanka oa hao ke li tsebe.+ 22 Ke ka lebaka leo u leng moholo+ Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Ha ho na ea tšoanang le uena+ ’me ha ho Molimo ntle ho uena.+ Lintho tsohle tseo re li utloileng ka litsebe tsa rona li paka sena. 23 Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Molimo o ile a se lopolla hore e be sechaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa lintho tse kholo le tse makatsang.+ U ile oa leleka lichaba tse ling le melimo ea tsona bakeng sa sechaba sa hao, seo u ileng oa itopollela sona Egepeta. 24 U entse hore sechaba sa Iseraele e be sechaba sa hao ka ho sa feleng+ ’me uena Jehova u bile Molimo oa sona.+
25 Jehova Molimo, phetha tšepiso eo u e etselitseng ’na mohlanka oa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka u ka etsa seo u se tšepisitseng.+ 26 E se eka lebitso la hao le ka phahamisoa ka ho sa feleng+ e le hore batho ba ka re, ‘Jehova oa mabotho ke Molimo oa Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ea mohlanka oa hao Davida e ka tiisoa ka thata ka pel’a hao+ 27 hobane uena Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, u ile oa tsebisa ’na mohlanka oa hao oa re, ‘Ke tla u hahela ntlo.’*+ Ke ka lebaka leo ’na mohlanka oa hao ke nang le sebete* sa ho u rapela ka tsela ena. 28 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u Molimo oa ’nete ’me mantsoe a hao ke ’nete+ ebile u tšepisitse mohlanka oa hao lintho tsena tse ntle. 29 E se eka u ka hlohonolofatsa ntlo ea mohlanka oa hao ’me ea lula e le teng ka ho sa feleng+ kaha uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle u mo tšepisitse. E se eka u ka hlohonolofatsa ntlo ea mohlanka oa hao ka ho sa feleng.”+
8 Ka mor’a nako Davida a loantša Bafilista+ ’me a ba hlola+ eaba o hapa motse oa Methege-ama matsohong a Bafilista.
2 A hlola Bamoabe+ ’me a ba paqamisa fatše eaba o ba metha ka khoele. O ile a metha mela e ’meli ea batho bao a neng a tl’o ba bolaea le mola o le mong o feletseng oa batho bao a neng a ke ke a ba bolaea.+ Joale Bamoabe ea e-ba basebeletsi ba Davida ba ntšang lekhetho.*+
3 Davida a hlola morena oa Zoba+ e leng Hadadezere mora oa Rehobe ha Hadadezere a ne a il’o hapa sebaka se Nokeng ea Eufrate.+ 4 Davida a hapa bapalami ba lipere ba 1 700 le masole a 20 000. Eaba Davida o khaola mesifa ea lipere tsohle tse hulang likariki empa a siea lipere tse 100.+
5 Ha Basiria ba Damaseka+ ba tla ho tla thusa Morena Hadadezere oa Zoba, Davida a bolaea Basiria ba 22 000.+ 6 Davida a beha masole Siria ea Damaseka ’me Basiria ea e-ba basebeletsi ba Davida ba ntšang lekhetho. Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole hohle moo a neng a ea teng.+ 7 Ho ekelletsa moo, Davida a nka lithebe tse selika-likoe tsa khauta ho bahlanka ba Hadadezere, a li tlisa Jerusalema.+ 8 Morena Davida a nka koporo e ngata Betha le Berothai e leng metse ea Hadadezere.
9 Morena Toi oa Hamathe+ a utloa hore Davida o ne a hlotse masole ’ohle a Hadadezere.+ 10 Toi a romela mora oa hae Jorame ho Morena Davida hore a e’o utloa hore na o ntse a ea joang le ho mo lebohisa hobane o ne a loantšitse Hadadezere ’me a mo hlotse (kaha Hadadezere o ne a lula a loantša Toi). Hape o ile a mo tlisetsa lintho tsa silevera, tsa khauta le tsa koporo. 11 Morena Davida a nehelana ka* lintho tsena ho Jehova feela joalokaha a ne a nehelane ka silevera le khauta tse tsoang lichabeng tse ling tsohle tseo a neng a li hlotse:+ 12 Tse tsoang ho Siria le ho Moabe,+ Baamone, Bafilista,+ Baamaleke+ le thepeng e hapuoeng ho Hadadezere+ mora oa Rehobe morena oa Zoba. 13 Davida a boela a tuma ha a tsoa bolaea Baedomo ba 18 000 Khohlong ea Letsoai.+ 14 A beha mabotho a sesole Edomo. A a beha motseng oohle oa Edomo ’me Baedomo bohle ea e-ba basebeletsi ba Davida.+ Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole* hohle moo a neng a ea teng.+
15 Davida a ’na a busa Iseraele eohle,+ a ahlola sechaba sohle+ ka toka le ka ho loka.+ 16 Joabe+ mora oa Tseruja o ne a okametse masole ’me Josafate+ mora oa Akilude e le motlalehi. 17 Tsadoke+ mora oa Akitube le Akimeleke mora oa Abiathare e ne e le baprista ’me Seraia e le mongoli. 18 Benaia+ mora oa Jehojada o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ Bara ba Davida ea e-ba baeta-pele* ba ka sehloohong.
9 Eaba Davida o re: “Na ho na le motho ea setseng ntlong ea Saule, eo nka mo bontšang lerato* ka lebaka la Jonathane?”+ 2 Ntlong ea Saule ho ne ho e-na le mohlanka eo lebitso la hae e leng Tsiba.+ Eaba ba mo bitsetsa ho Morena Davida ’me a re ho eena: “Na ke uena Tsiba?” A re: “E moren’a ka, ke ’na mohlanka oa hao.” 3 Morena a tsoela pele ho re: “Na ntlong ea Saule ho sa na le motho ea setseng eo nka mo bontšang lerato* le tšoanang le leo Molimo a le bontšang?” Tsiba a re ho morena: “Mora oa Jonathane ea holofetseng maoto a mabeli o ntse a le teng.”+ 4 Joale morena a re ho eena: “O hokae?” Tsiba a re ho morena: “O ka tlung ea Makire+ mora oa Amiele e Lo-debare.”
5 Kapele-pele Morena Davida a re a latoe ntlong ea Makire mora oa Amiele e Lo-debare ’me a re a tlisoe ho eena. 6 Ha Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule a fihla ho Davida, hang-hang a khumama ka pel’a hae a inamisitse hlooho. Eaba Davida o re: “Mefiboshethe!” Eaba o re: “Mohlanka oa hao ke enoa.” 7 Davida a re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane ke tla u bontša lerato*+ ka lebaka la ntate oa hao Jonathane hape ke tla khutlisetsa naha eohle ea ntate-moholo oa hao Saule ho uena ’me u tla ja* tafoleng ea ka kamehla.”+
8 Eaba oa khumama ’me o re: “Ebe ’na mohlanka oa hao ke eng hoo u ka tšoenyehang* ka ntja+ e shoeleng joaloka ’na?” 9 Morena a re ho bitsoe Tsiba, mohlanka oa Saule ’me a re ho eena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e le ea mong’a hao Saule le ea ntlo eohle ea hae, ke e fa setloholo sa hae.+ 10 Uena, bara ba hao le bahlanka ba hao le mo lemele ’me le bokelle lijo tseo le li lemmeng bakeng sa ba lelapa la setloholo sa mong’a hao hore ba je. Empa Mefiboshethe setloholo sa mong’a hao o tla ja tafoleng ea ka kamehla.”+
Tsiba o ne a e-na le bara ba 15 le bahlanka ba 20.+ 11 Eaba Tsiba o re ho morena: “Ke tla etsa sohle seo moren’a ka a ntaelang hore ke se etse.” Eaba Mefiboshethe o ja tafoleng* ea morena Davida joaloka e mong oa bara ba hae. 12 Joale Mefiboshethe o ne a e-na le mora e monyenyane eo lebitso la hae e neng e le Mika.+ Batho bohle ba neng ba lula ka tlung ea Tsiba ea e-ba bahlanka ba Mefiboshethe. 13 Mefiboshethe o ne a lula Jerusalema hobane o ne a ja tafoleng ea morena kamehla+ ’me o ne a holofetse maoto ka bobeli.+
10 Ka mor’a nako, morena oa Baamone+ a shoa ’me mora oa hae Hanune a mo hlahlama boreneng.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontša Hanune mora oa Nahashe hore kea mo rata* feela joalokaha ntate oa hae a ile a mpontša hore oa nthata.” Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae hore ba e’o mo tšelisa hobane a hlokahalletsoe ke ntate. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ea Baamone, 3 likhosana tsa Baamone tsa re ho Hanune morena oa tsona: “Na u nahana hore Davida o hlompha ntate oa hao ka ho u romella batho ba tl’o u tšelisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho uena hore ba tl’o hlahloba naha le ho e hloela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta halofo ea litelu+ tsa bona ’me a seha liaparo tsa bona ba sala ba le feela ho tloha mathekeng eaba o re ba tsamaee. 5 Ha Davida a bolelloa taba ena, hang-hang a romela banna hore ba e’o ba khahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotsoe haholo. Morena a re ho bona: “Lulang Jeriko,+ le tla khutlela hae ha litelu tsa lona li holile.”
6 Ka mor’a nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile eaba ba romela Basiria bao ba ba hirileng ba Bethe-rehobe+ le Basiria ba Zoba.+ E ne e le masole a 20 000 a tsamaeang ka maoto, banna ba 1 000 ba tsamaeang le morena oa Maaka+ hammoho le banna ba 12 000 ba tsoang Ishtobe.+ 7 Ha Davida a utloa ka taba ena, a romela Joabe le masole ’ohle ho akareletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+ 8 Baamone ba tsoa ’me ba itokisetsa ntoa keiting ea motse, ha Basiria ba Zoba le ba Rehobe hammoho le Ishtobe* le Maaka ba le naheng ba le bang.
9 Ha Joabe a bona hore masole a lira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a khetha masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele ’me a a lokisetsa ho ea loantša Basiria.+ 10 A beha ngoan’abo Abishai+ hore e be molaoli oa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ea loantša Baamone.+ 11 Eaba o re: “Haeba Basiria ba e-ba matla ho mpheta, u tle u tl’o nthusa. Empa haeba Baamone ba e-ba matla ho u feta, ke tla tla ke tl’o u thusa. 12 Re lokela ho ba matla ’me re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ea Molimo oa rona ’me Jehova o tla phetha karolo ea hae.”+
13 Joabe le banna ba hae ba ea ho Basiria ho ea ba loantša empa ba mo baleha.+ 14 Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, ba baleha Abishai ’me ba kena motseng. Ka mor’a moo, Joabe a khutla a tsoa ho Baamone ’me a tla Jerusalema.
15 Ha Basiria ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele, ba boela ba bokana.+ 16 Kahoo, Hadadezere+ a re ho bitsoe Basiria ba lulang pel’a Noka*+ eaba ba tla Helame, ba eteletsoe pele ke Shobake molaoli oa sesole sa Hadadezere.
17 Ha Davida a bolelloa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako ’me a tšela Jordane a ea Helame. Eaba Basiria ba itokisetsa ho ea kopana le Davida ’me ba mo loantša.+ 18 Empa Basiria ba baleha Baiseraele ’me Davida a bolaea bakhanni ba likariki tsa ntoa ba 700 le bapalami ba lipere ba 40 000 ba Basiria. A bolaea le Shobake molaoli oa lebotho la bona la sesole ’me a shoella moo.+ 19 Ha marena ’ohle e leng bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele, ba bopa khotso kapele le Baiseraele ’me ea e-ba basebeletsi ba bona.+ Basiria ba ne ba se ba tšaba ho thusa Baamone.
11 Ha selemo* se qala, nakong eo marena a eang ntoeng, Davida a romela Joabe le bahlanka ba hae hammoho le masole ’ohle a Baiseraele ho ea felisa Baamone ’me ba thibella Raba+ ha Davida a ntse a lula Jerusalema.+
2 Mantsiboeeng a mang, morena Davida a tsoha betheng ea hae ’me a tsamaea ka holim’a marulelo a ntlo* ea hae. Ha a ntse a le marulelong a bona mosali a ntse a hlapa. Mosali eo o ne a le motle haholo. 3 Davida a romela motho hore a e’o botsa ka mosali eo. Motho eo a mo tlalehela a re: “Ke Bathe-sheba+ morali oa Eliame+ mosali oa Uria+ oa Mohethe.”+ 4 Eaba Davida o romela baromuoa hore ba mo late.+ Kahoo, mosali eo a tla ho eena ’me Davida a robala le eena.+ (Sena se etsahetse nakong eo a neng a itlhoekisa.*)+ Ka mor’a moo, mosali eo a khutlela ha hae.
5 Mosali eo a ima eaba o romela molaetsa ho Davida o re: “Ke imme.” 6 Joale Davida a romela molaetsa ho Joabe a re ho eena: “Romela Uria oa Mohethe ho ’na.” Kahoo, Joabe a romela Uria ho Davida. 7 Ha Uria a fihla, Davida a mo botsa hore na Joabe o ntse a ea joang, hore na masole a ntse a ea joang le hore na ntoa e ntse e ea joang. 8 Eaba Davida o re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u phomole.”* Ha Uria a tloha ntlong ea morena, morena a mo romella mpho.* 9 Empa Uria o ile a robala monyako oa ntlo ea morena le bahlanka ba bang bohle ba morena, ha aa ka a theohela ntlong ea hae. 10 Joale ha tlaleheloa Davida ha thoe: “Uria ha aa ka a ea ntlong ea hae.” Eaba Davida o re ho Uria: “Na ha u tsoe leetong hona joale? Ke hobane’ng ha u sa ea ntlong ea hao?” 11 Uria a re ho Davida: “Areka+ le Baiseraele le Bajuda ba lula litenteng ’me khosi ea ka Joabe le bahlanka ba khosi ea ka ba lula litenteng naheng. Joale nka ea ntlong ea ka joang ka ja, ka noa ’me ka robala le mosali oa ka?+ Kea hlapanya hore hafeela u ntse u phela, nke ke ka etsa ntho ena!”
12 Eaba Davida o re ho Uria: “Lula mona le kajeno ’me hosane ke tla re u tsamaee.” Kahoo, Uria a lula Jerusalema letsatsing leo le letsatsing le latelang. 13 Davida a re a latoe a tl’o ja le ho noa le eena ’me a etsa hore a tahoe. Empa mantsiboea, a tsamaea a e’o robala betheng ea hae le bahlanka ba morena oa hae ’me ha aa ka a ea ntlong ea hae. 14 Hoseng Davida a ngolla Joabe lengolo ’me a le fa Uria hore a le ise. 15 Lengolong leo, o ne a itse: “Behang Uria ka pele moo ntoa e leng boima ka ho fetisisa. Le tlohe ka mor’a hae e le hore ba tle ba mo hlabe ’me a shoe.”+
16 Joabe o ne a ntse a shebile ka hloko lintho tse etsahalang motseng eaba o beha Uria moo a neng a tseba hore ho na le banna ba matla. 17 Ha banna ba motse ba tla ba tl’o loantša Joabe, bahlanka ba bang ba Davida ba ile ba bolaoa ’me Uria oa Mohethe e ne e le e mong oa bona.+ 18 Joale Joabe a tlalehela Davida lintho tsohle tse etsahetseng ntoeng. 19 A laela moromuoa a re: “Ha u qeta ho bolella morena lintho tsohle tse etsahetseng ntoeng, 20 morena a ka ’na a halefa ’me a re ho uena, ‘Ke hobane’ng ha le ne le ile haufi hakaalo le motse ho ea loana? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le hlasela ba le holim’a lerako? 21 Ke mang ea ileng a bolaea Abimeleke+ mora oa Jerubeshethe?+ Na ha se mosali ea ileng a lahlela tšiloana holim’a hae a le holim’a lerako ’me a shoella Thebeze? Ke hobane’ng ha le ile la ea haufi le lerako hakaalo?’ Joale u tle u re, ‘Mohlanka oa hao Uria oa Mohethe le eena o shoele.’”
22 Kahoo, moromuoa a tsamaea ’me a bolella Davida sohle seo Joabe a neng a itse a mo bolelle sona. 23 Eaba moromuoa o re ho Davida: “Banna ba bona ba ile ba re hlola ka matla ’me ba re hlasela naheng. Empa ra ba lelekisa ho ea fihla keiting ea motse. 24 Ba betsang metsu ba ne ba hlasela bahlanka ba hao ba le holim’a lerako ’me ba bang ba bahlanka ba morena ba ile ba shoa. Mohlanka oa hao Uria oa Mohethe le eena o ile a shoa.”+ 25 Eaba Davida o re ho moromuoa eo: “Bolella Joabe sena: ‘U se ke oa tšoenyeha ka taba ena hobane sabole e ka bolaea mang kapa mang. Hlasela motse oo ka matla a hao ’ohle ’me u o hlole.’+ U mo khothatse.”
26 Ha mosali oa Uria a utloa hore monna oa hae o shoele, a llela monna oa hae. 27 Hang ha a se a tšelisehile, Davida a re a tlisoe ho eena ntlong ea hae ’me ea e-ba mosali oa hae+ eaba o mo tsoalla mora. Empa ntho eo Davida a neng a e entse e ne e le mpe haholo ho* Jehova.+
12 Jehova a romela Nathane+ ho Davida. Ha Nathane a fihla ho eena+ a re: “Ho ne ho e-na le banna ba babeli motseng o mong, e mong o ne a ruile ’me e mong a futsanehile. 2 Monna ea ruileng o ne a e-na le likhomo le linku tse ngata.+ 3 Empa monna ea futsanehileng o ne a se na letho haese konyana e le ’ngoe e nyenyane e tšehali eo a neng a e rekile.+ O ile a e hlokomela ’me a e holisa hammoho le bara ba hae. E ne e ja lijo tse nyenyane tseo a neng a e-na le tsona ’me a e noesa ka kopi ea hae ebile e robala sefubeng sa hae. Ho eena e ne e le joaloka morali. 4 Hamorao ha fihla moeti ha monna ea ruileng empa ha aa ka a hlaba nku kapa khomo ea hae hore a etsetse moeti ea neng a tlile ho eena lijo. Ho e-na le hoo, a nka konyana ea monna ea futsanehileng ’me a e hlabela moeti oa hae.”+
5 Davida a halefela monna eo haholo eaba o re ho Nathane: “Ka Jehova ea phelang,+ monna ea entseng ntho ena o tšoaneloa ke lefu! 6 O lokela ho patala konyana eo ka tse ’nè+ hobane o entse ntho ena ’me ha aa ka a ba le qenehelo.”
7 Joale Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke uena! Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke ’na ea u tlotsitseng hore u be morena oa Iseraele+ ’me ka u pholosa letsohong la Saule.+ 8 Ke ne ke ikemiselitse ho u fa ntlo ea mong’a hao+ le basali ba mong’a hao+ ’me ke u file ntlo ea Iseraele le ea Juda.+ Ho ekelletsa moo, ke ne ke bile ke ikemiselitse ho u etsetsa lintho tse ling tse ngata.+ 9 Ke hobane’ng ha u sa hlompha lentsoe la Jehova ’me u entse ntho e mpe tjee mahlong a hae? U bolaile Uria oa Mohethe ka sabole+ eaba u nka mosali oa hae u mo etsa mosali oa hao+ ka mor’a hore u etse hore Baamone ba mo bolaee ka sabole.+ 10 Joale ba lelapa la hao ba tla lula ba bolaoa ka sabole+ hobane u ntelletse ka hore ebe u nkile mosali oa Uria oa Mohethe hore e be mosali oa hao.’ 11 Jehova o itse: ‘Ke tla tlisa tlokotsi lelapeng la hao+ ’me ke tla fana ka basali ba hao ho monna e mong*+ u ntse u shebile ’me o tla robala le bona phatlalatsa.*+ 12 Le hoja u entse sena sephiring,+ ke tla etsa sena ka pel’a Baiseraele bohle phatlalatsa.’”*
13 Davida a re ho Nathane: “Ke sitetsoe Jehova.”+ Eaba Nathane o re ho Davida: “Jehova le eena o u tšoaretse.*+ U ke ke oa shoa.+ 14 Kaha ha oa hlompha Jehova tabeng ena, mora enoa oa hao ea qetang ho hlaha o tla shoa.”
15 Joale Nathane a khutlela ha hae.
Eaba Jehova o kulisa ngoana eo mosali oa Uria le Davida ba bileng le eena. 16 Davida a rapella moshanyana eo ho Molimo oa ’nete. Davida a qala ho itima lijo ’me bosiu o ne a robala fatše.+ 17 Baholo ba ntlo ea hae ba ema pel’a hae ba leka ho mo phahamisa empa a hana. O ne a sa batle le ho ja le bona. 18 Ka letsatsi la bosupa ngoana eo a shoa empa bahlanka ba Davida ba ne ba tšaba ho mo bolella hore ngoana eo o shoele. Ba ne ba re: “Ha ngoana a ntse a phela re ile ra bua le eena empa o ne a sa batle ho re mamela. Joale re tla mo bolella joang hore ngoana o shoele? A ka ’na a intša kotsi.”
19 Ha Davida a bona hore bahlanka ba hae ba ntse ba sebelana, a hlokomela hore ngoana o shoele. Davida a re ho bahlanka ba hae: “Na ngoana o shoele?” Eaba ba re: “E, o shoele.” 20 Joale Davida a phahama fatše. A itlhatsoa ’me a itlotsa ka oli,+ a apara liaparo tse ling eaba o ea ntlong+ ea Jehova ’me a fihla a khumama. Ka mor’a moo, a ea ntlong* ea hae ’me a kopa hore ba mo tlisetse lijo eaba oa ja. 21 Eaba bahlanka ba hae ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha u entse tjee? Ha ngoana a ntse a phela u ne u itima lijo ebile u lula u lla. Empa hang ka mor’a hore ngoana a shoe, u ile oa phahama ’me oa qala ho ja.” 22 Eaba o re ho bona: “Ha ngoana a ntse a phela, ke ile ka itima lijo+ ebile ke ne ke lula ke lla hobane ke ne ke re, ‘Mohlomong Jehova o tla nkhauhela ’me a tlohele ngoana hore a phele.’+ 23 Kaha joale o shoele, ke sa itimela’ng lijo? A ke ke a khutlela ho ’na+ empa ke ’na ea tl’o shoa joaloka eena.”+
24 Joale Davida a tšelisa mosali oa hae Bathe-sheba.+ Eaba Davida o ea ho eena ’me o robala le eena. Ha nako e ntse e ea Bathe-sheba a ba le mora ’me a rehoa Solomone.+ Jehova o ne a rata Solomone*+ 25 eaba o romela molaetsa a sebelisa moprofeta Nathane+ hore a mo rehe Jedidia,* ka lebaka la Jehova.
26 Joabe a ’na a loantša Raba+ ea Baamone+ ’me a hapa motse oa borena.*+ 27 Kahoo, Joabe a romela baromuoa ho Davida a re: “Ke loantšitse Raba+ ’me ke hapile motse oa metsi.* 28 Joale bokella masole a mang ’ohle le hlome litente ’me le hape motse. Ho seng joalo ke ’na ea tla hapa motse ’me ho tla rorisoa ’na.”*
29 Kahoo, Davida a bokella masole ’ohle ’me a ea Raba, a e loantša ’me a e hapa. 30 Ka mor’a moo, a nka korone e neng e le hloohong ea Malkame.* Boima ba korone eo bo ne bo lekana le ba khauta e ka etsang lik’hilokramo tse 34,* e bile e e-na le majoe a bohlokoa eaba e behoa hloohong ea Davida. O ile a boela a nka thepa e ngata eo a e hapileng+ motseng oo.+ 31 A ntša batho ba neng ba le motseng oo ’me a ba fa mosebetsi oa ho betla majoe, oa ho sebetsa ka lisebelisoa tse bohale tsa tšepe, lilepe tsa tšepe le oa ho etsa litene. O ile a etsa sena metseng eohle ea Baamone. Qetellong Davida le masole ’ohle ba khutlela Jerusalema.
13 Absalome mora oa Davida o ne a e-na le khaitseli eo lebitso la hae e neng e le Tamare.+ Amnone+ mora oa Davida a mo rata. 2 Amnone o ile a tšoenyeha haholo hoo a ileng a kula ka lebaka la khaitseli ea hae Tamare hobane e ne e le moroetsana ’me ho ne ho bonahala Amnone a ke ke a khona ho mo etsa letho. 3 Joale Amnone o ne a e-na le motsoalle ea bitsoang Jonadabe+ mora oa Shimea+ e leng ngoan’abo Davida. Jonadabe e ne e le monna ea bohlale haholo. 4 Jonadabe a re ho eena: “Mora oa morena, ke hobane’ng ha u lula u tšoenyehile hoseng ho hong le ho hong? Ke hobane’ng ha u sa mpolelle?” Amnone a re: “Ke rata Tamare, khaitseli+ ea ngoan’eso Absalome.” 5 Jonadabe a mo araba a re: “Robala betheng ea hao u etse eka oa kula. Ha ntate oa hao a tl’o u bona, u re ho eena, ‘Ke kopa u re khaitseli ea ka Tamare a tle a ntlisetse lijo.* Haeba a tla ’me a mphehela lijo tse pheheloang batho ba kulang, ke tla li ja ha a ’ngoathela tsona.’”
6 Kahoo, Amnone a robala a etsa eka oa kula ’me morena a tla a tl’o mo bona. Eaba Amnone o re ho morena: “Ke kopa u re khaitseli ea ka Tamare a tle ’me a nketsetse mahobe a mabeli a bopehileng joaloka pelo ke ntse ke mo shebile, e le hore nka nka lijo ha a ’ngoathela.” 7 Eaba Davida o romela molaetsa ho Tamare ntlong o re: “Ke kopa u ee ntlong ea abuti oa hao Amnone u e’o mo phehela lijo.”* 8 Kahoo, Tamare a ea ntlong ea khaitseli ea hae Amnone, moo a neng a robetse teng. A nka hlama, a e luba ’me a etsa mahobe ka eona Amnone a ntse a mo shebile. 9 Eaba o ntša mahobe ’me oa mo ngoathela empa Amnone a hana ho ja a re: “E-re batho kaofela ba tsamaee!” Eaba batho kaofela baa tsamaea.
10 Joale Amnone a re ho Tamare: “Tlisa lijo* ka kamoreng, u mphe tsona ka letsoho la hao e le hore ke je.” Eaba Tamare o nka mahobe a bopehileng joaloka pelo ’me a a isa ka kamoreng ho khaitseli ea hae Amnone. 11 Ha a mo tlisetsa lijo hore a je, a mo tšoara ’me a re ho eena: “Khaitseli ea ka, tloo u robale le ’na.” 12 Empa Tamare a re ho eena: “Che, khaitseli ea ka! U se ke oa ntlotlolla hobane ntho e tjena ha e etsoe Iseraele.+ U se ke oa etsa ntho e mpe hakana.+ 13 Batho ba tla ncheba joang ka mor’a ketsahalo ee e tlotlollang? Le uena u tla nkoa u le e mong oa banna ba nyonyehang Iseraele. Ke kopa u bue le morena hobane a ke ke a u hanela ka ’na.” 14 Empa Amnone ha aa ka a mo mamela, o ile a mo hlola ka matla ’me a mo tlotlolla ka hore a mo bete. 15 Ka mor’a moo, Amnone a mo hloea haholo. A mo hloea ho feta kamoo a neng a mo rata kateng. Eaba Amnone o re ho eena: “Ema, u tsamaee!” 16 Tamare a re ho eena: “Che, khaitseli ea ka, ha u nteleka u tla be u etsa ntho e mpe ho feta eo u qetang ho nketsa eona.” Empa ha aa ka a mo mamela.
17 Amnone a re ho mohlanka oa hae: “Ke kopa u tlose motho enoa ka pel’a ka u be u mo notlelle ka ntle.” 18 (O ne a apere seaparo se khethehileng* hobane tseo e ne e le liaparo tse aparoang ke barali ba morena bao e ntseng e le baroetsana.) Mohlanka oa hae a mo ntšetsa ka ntle ’me a notlela lemati ha a qeta ho mo ntša. 19 Tamare a itšela ka molora hloohong+ eaba o tabola seaparo se setle seo a neng a se apere. A tsamaea a behile matsoho hloohong a bile a ntse a lla.
20 Khaitseli ea hae Absalome+ a re ho eena: “Na ke Amnone ea u entseng ntho e mpe tjee? Itholele uena khaitseli ea ka. Ke ngoan’eno.+ U se ke oa nahana haholo ka taba ena.” Tamare o ne a sa kopane le batho, a lula ha khaitseli ea hae Absalome. 21 Ha Morena Davida a utloa ka litaba tsena tsohle, a halefa haholo.+ Empa o ne a sa batle ho utloisa mora oa hae Amnone bohloko hobane o ne a mo rata kaha e ne e le mora oa hae oa letsibolo. 22 Absalome ha aa ka a bua letho le Amnone. Absalome o ile a hloea+ Amnone kaha o ne a tlotlolotse khaitseli ea hae Tamare.+
23 Ka mor’a lilemo tse peli, ha batho ba kutang linku tsa Absalome ba le Baale-hazore pel’a Efraime,+ Absalome a mema bara bohle ba morena.+ 24 Kahoo, Absalome a tla ho morena a re: “Mohlanka oa hao o e’o kuta linku tsa hae. Ke kopa hore morena le bahlanka ba hae ba tsamaee le ’na.” 25 Empa morena a re ho Absalome: “Che mora oa ka. Haeba re tsamaea kaofela, re tla ba moroalo ho uena.” Le hoja a ne a ntse a mo phehella, ha aa ka a lumela ho tsamaea le eena empa o ile a mo hlohonolofatsa. 26 Eaba Absalome o re: “Haeba uena u sa tle, ke kopa u re abuti oa ka Amnone a tsamaee le rona.”+ Morena a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u batla hore a tsamaee le lona?” 27 Empa Absalome a ’na a mo phehella. Kahoo, morena a re Amnone le bara bohle ba morena ba tsamaee le eena.
28 Eaba Absalome o laela bahlanka ba hae o re: “Le lule le shebile Amnone. Ha a se a thabile ka lebaka la veine, ke tla re ho lona, ‘Bolaeang Amnone!’ Joale le tle le mo bolaee. Le se ke la tšaba hobane ke ’na ea le laelang. Le be matla ’me le be sebete.” 29 Kahoo, bahlanka ba Absalome ba bolaea Amnone feela joalokaha Absalome a ba laetse. Joale bara bohle ba morena ba ema ’me e mong le e mong a palama ’moulo oa hae a baleha. 30 Ha ba ntse ba le tseleng, Davida a fumana tlaleho e reng: “Absalome o bolaile bara bohle ba morena ’me ha ho le ea mong oa bona ea phonyohileng.” 31 Hang ha morena a utloa litaba tsena a ema, a tabola liaparo tsa hae ’me a robala fatše. Bahlanka bohle ba hae ba neng ba eme pel’a hae le bona ba tabola liaparo tsa bona.
32 Leha ho le joalo, Jonadabe+ mora oa Shimea+ abuti oa Davida a re: “Morena a se ke a nahana hore ho bolailoe bara bohle ba hae hobane ke Amnone feela ea shoeleng.+ Ke Absalome ea laetseng hore a bolaoe.+ Haesale a batla ho mo bolaea ho tloha mohla Amnone a neng a tlotlolotse khaitseli ea hae+ Tamare+ ka lona. 33 Moren’a ka u se ke oa kholoa tlaleho e reng, ‘Bara bohle ba morena ba shoele’ hobane ke Amnone feela ea shoeleng.”
34 Ka nako eo, Absalome a baleha.+ Hamorao ha molebeli a phahamisa mahlo, a bona batho ba bangata ba tlang ka tsela e ka mor’a hae pel’a thaba. 35 Eaba Jonadabe+ o re ho morena: “Bona, bara ba morena ba khutlile. Ho etsahetse feela joalokaha mohlanka oa hao a buile.” 36 Eitse ha a qeta ho bua, bara ba morena ba kena ba lla haholo eaba morena le bahlanka bohle ba hae le bona ba lla habohloko. 37 Absalome eena a balehela ho Talmai+ mora oa Amihude morena oa Geshure. Ho ile ha feta matsatsi a mangata Davida a utloile bohloko ka lebaka la mora oa hae. 38 Ka mor’a hore Absalome a balehele Geshure,+ a lula moo ka lilemo tse tharo.
39 Qetellong morena Davida a utloa a hlolohetsoe ho bona Absalome hobane o ne a se a tšelisehile ka lefu la Amnone.
14 Joabe mora oa Tseruja+ a hlokomela hore morena o ne a hlolohetsoe Absalome.+ 2 Eaba Joabe o re ho bitsoe mosali ea bohlale Tekooa+ ’me a re ho eena: “Ke kopa u etse eka u shoeletsoe, u apare liaparo tsa batho ba shoeletsoeng ’me u se ke oa itlotsa ka oli.+ U be joaloka mosali ea qetileng nako e telele a utloile bohloko ka lebaka la ho shoeloa. 3 Joale u ee ho morena ’me u bue mantsoe a latelang.” Eaba Joabe oa mo bolella hore na a re’ng.*
4 Mosali oa Motekooa a ea ho morena ’me a khumama eaba oa inama o re ho morena: “Morena, nthuse!” 5 Morena a re ho eena: “Molato ke’ng?” A araba a re: “Ke mohlolohali ’me monna oa ka o shoele. 6 ’Na mohlanka oa hao ke ne ke e-na le bara ba babeli eaba ha ba le naheng baa loantšana. Ho ne ho se na motho ea ba thibang eaba e mong o otla e mong ho fihlela a shoa. 7 Joale lelapa lohle le loantša ’na mohlanka oa hao ’me le re, ‘Tlisa ea bolaileng ngoan’abo e le hore re mo bolaee hobane o bolaile ngoan’abo+ esita le haeba ke eena mojalefa ea setseng.’ Ba batla ho bolaea mora oa ka ea setseng, ea joaloka leshala la ka la ho qetela le hlenneng* ’me ba felise lebitso la monna oa ka le litloholo tsa hae lefatšeng.”
8 Morena a re ho mosali eo: “Khutlela ha hao. Ke tla lokisa taba ena.” 9 Eaba mosali oa Motekooa o re ho morena: “Moren’a ka, e se eka molato o ka ba holim’a ka le ho ba lelapa la Ntate ’me morena le terone ea hae ba hloke molato.” 10 Morena a re: “Haeba leha e le mang a ka bua ho hong ho uena, u mo tlise ho ’na ’me a ke ke a hlola a u tšoenya.” 11 Empa mosali eo a re: “Ka kopo, morena e se eka u ka hopola Jehova Molimo oa hao ’me u se ke oa lumella hore motho ea amanang le motho ea bolailoeng*+ a bolaee mora oa ka.” Eaba o re: “Ka Jehova ea phelang,+ ha ho na motho ea tla lematsa mora oa hao.”* 12 Joale mosali eo a re: “Ka kopo, e-re mohlanka oa hao a bue mantsoe ana ho moren’a ka.” Eaba morena o re: “Bua.”
13 Mosali eo a re: “Joale ke hobane’ng ha u nahanne ho etsa ntho e tjee ho batho ba Molimo?+ Ha morena a bua ka tsela ena, o iketsa ea molato hobane morena ha a khutlise mora oa hae ea lelekiloeng.+ 14 Re tla shoa ’me re be joaloka metsi a qhalletsoeng fatše a ke keng a khutlisoa hape. Molimo a ke ke a bolaea motho empa o sheba mabaka a hore na ke hobane’ng ha motho ea lelekiloeng a sa lokela ho lelekoa ho ea ho ile mahlong a hae. 15 Ke tlile ho tla bua mantsoe ana ho moren’a ka hobane batho ba ile ba ntšosa. Kahoo ’na mohlanka oa hao ka re, ‘E-re ke bue le morena. Mohlomong morena o tla phethahatsa kopo ea mohlanka oa hae. 16 Mohlomong morena o tla ’mamela le ho mpholosa ho batho ba batlang ho bolaea ’na le mora oa ka ea setseng a le mong hore re se ke ra fumana lefa leo Molimo a re fileng lona.’+ 17 Joale mohlanka oa hao a re, ‘E se eka mantsoe a moren’a ka a ka ntšelisa’ kaha moren’a ka o joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete tabeng ea ho khetholla se setle ho se sebe. E se eka Jehova Molimo a ka ba le uena.”
18 Morena a araba mosali eo a re: “Ke kopa u se ke oa mpatela ntho leha e le efe eo ke u botsang eona.” Mosali eo a re: “Ke kopa moren’a ka a ke a bue.” 19 Eaba morena o re ho eena: “Na ke Joabe ea u rommeng?”+ Mosali eo a re: “Moren’a ka, kea u hlapanyetsa, hore taba ena e fela e le joalo, kannete ke mohlanka oa hao Joabe ea ntaetseng hore ke bue mantsoe ana.* 20 Mohlanka oa hao Joabe o entse tjena e le hore u tle u fetole maikutlo a hao ka taba ena empa moren’a ka o bohlale joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete ’me o tseba sohle se etsahalang naheng.”
21 Morena a re ho Joabe: “Ho lokile, ke tla e etsa ntho ena.+ Tsamaea u e’o lata mohlankana Absalome.”+ 22 Hang-hang Joabe a khumama, a inama eaba o rorisa morena. Joabe a re: “Kajeno mohlanka oa hao oa tseba hore oa amoheleha mahlong a hao moren’a ka hobane morena o phethahalitse seo mohlanka oa hae a se kopileng.” 23 Joale Joabe a ema a ea Geshure+ ’me a tlisa Absalome Jerusalema. 24 Leha ho le joalo, morena a re: “Ha a khutlele ntlong ea hae feela a se ke a tl’o mpona.” Kahoo Absalome a khutlela ntlong ea hae ’me ha aa ka a bona morena.
25 Joale Iseraele eohle ho ne ho se na monna ea rorisoang joaloka Absalome ka lebaka la botle ba hae. O ne a le motle ho tloha leotong ho ea fihla hloohong. Ho ne ho se na letho le phoso ho eena. 26 Ha a ne a kuta moriri oa hae, o ne a o kuta qetellong ea selemo se seng le se seng hobane o ne o mo imela. Moriri oa hae o ne o le boima ba lik’hilokramo tse ka holimo ho tse peli* ho ea ka boima* ba lejoe la borena. 27 Absalome a ba le bara ba bararo+ le morali a le mong, eo lebitso la hae e neng e le Tamare. E ne e le mosali e motle haholo.
28 Absalome a ’na a lula Jerusalema lilemo tse peli kaofela empa ha aa ka a bona morena.+ 29 Kahoo, Absalome a re ho bitsoe Joabe e le hore a tle a mo rome ho morena empa Joabe ha aa ka a lumela ho tla. Joale a re a bitsoe hape ka lekhetlo la bobeli empa a ’na a hana ho tla. 30 Qetellong a re ho bahlanka ba hae: “Tšimo ea Joabe e pel’a ea ka ’me o lemme harese ho eona. Tsamaeang le e’o e chesa.” Kahoo, bahlanka ba Absalome ba chesa tšimo eo. 31 Eaba Joabe oa ema, o tla ho Absalome ntlong ’me o re ho eena: “Ke hobane’ng ha bahlanka ba hao ba chesitse tšimo ea ka?” 32 Absalome a re ho Joabe: “Ke ile ka u romella molaetsa ka re, ‘Tloo ke u rome ho morena, u e’o re ho eena: “Ke hobane’ng ha ke latiloe Geshure?+ Ho ka be ho bile molemo hoja ke ile ka lula moo. Joale e-re ke bone morena ’me haeba ke le molato a tle a mpolaee.”’”
33 Kahoo, Joabe a ea ho morena ’me a mo bolella. Eaba morena o bitsa Absalome, ea ileng a fihla a khumama a ba a inama ka pel’a hae. Eaba morena o suna Absalome.+
15 Ka mor’a lintho tsena tsohle, Absalome a ba le koloi ea ntoa, lipere le banna ba 50 ba mathang ka pel’a hae.+ 2 Absalome o ne a tsoha hoseng ebe o ema pel’a tsela keiting ea motse.+ E ne e re ha motho leha e le ofe a e-na le nyeoe e lokelang ho tla ho morena hore a e ahlole,+ ebe Absalome oa mo bitsa ’me o re: “U tsoa motseng ofe?” Motho eo o ne a re: “Mohlanka oa hao o tsoa ho le leng la maloko a Iseraele.” 3 Absalome o ne a re ho eena: “Bona, litaba tsa hao li nepahetse ebile lia utloahala empa ha ho na motho ea tsoang ho morena ea tla mamela nyeoe ea hao.” 4 Absalome o ne a tloaetse ho re: “Hoja ke ne ke khethiloe hore ke be moahloli naheng, motho e mong le e mong ea nang le nyeoe kapa ea nang le taba e hlokang ho ahloloa, o ne a ka tla ho ’na ’me ke ne ke tla etsa bonnete ba hore taba ea hae e sebetsoa ka toka.”
5 E ne e re ha motho a atamela ho eena hore a tl’o mo inamela, ebe o otlolla letsoho ’me a mo tšoare ebe oa mo suna.*+ 6 Absalome o ne a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba tla ho morena bakeng sa kahlolo. Joale Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.+
7 Ka mor’a lilemo tse ’nè,* Absalome a re ho morena: “Ke kopa hore u ntumelle ho ea Hebrone,+ ke e’o phetha boitlamo boo ke bo entseng ho Jehova 8 kaha ’na mohlanka oa hao ke ile ka etsa kano ena+ ha ke ntse ke lula Geshure+ e Siria: ‘Haeba Jehova a ka nkhutlisetsa Jerusalema, ke tla etsetsa Jehova sehlabelo.’”* 9 Kahoo, morena a re ho eena: “Tsamaea ka khotso.” Eaba Absalome oa tloha o ea Hebrone.
10 Absalome a romela lihloela malokong ’ohle a Iseraele a re: “Hang-hang ha le utloa molumo oa lenaka le re, ‘Absalome e se e le morena Hebrone!’”+ 11 Banna ba 200 ba tsoang Jerusalema ba ne ba tsamaile le Absalome. O ne a ba bitsitse eaba ba tsamaea le eena ba sa belaelle letho ebile ba sa tsebe letho. 12 Ho ekelletsa moo, ha Absalome a etsa mahlabelo, o ile a re ho bitsoe Akitofele+ oa Mogilone, moeletsi oa Davida+ ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana oa ’na oa atleha ’me palo ea batho ba tšehetsang Absalome ea eketseha.+
13 Nakoana ka mor’a moo, motlalehi oa litaba a tla ho Davida a re: “Batho ba Iseraele ba se ba le ka lehlakoreng la Absalome.” 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang ’me re baleheng+ hobane ha ho na le ea mong oa rona ea tla phonyoha ho Absalome. Potlakang e le hore a se ke a re fumana eaba oa re hlasela ebe o bolaea motse ka sabole.”+ 15 Bahlanka ba morena ba re ho eena: “Morena, rona bahlanka ba hao re ikemiselitse ho etsa ntho efe kapa efe eo u reng re e etse.”+ 16 Joale morena a tsamaea le ba lelapa la hae empa a siea lirethe* tsa hae tse leshome+ hore li hlokomele ntlo.* 17 Eaba morena o tsamaea le batho bohle ba neng ba mo latela ’me ba ema Bethe-merehake.
18 Bahlanka bohle ba neng ba tsamaea* le eena le Bakerethe bohle, Bapelethe,+ Bagathe+ le banna ba 600 ba ileng ba mo latela ho tloha Gathe,+ ba feta ka pel’a morena. 19 Eaba morena o re ho Itai+ oa Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u tsamaea le rona? Khutla u sale le morena e mocha hobane u molichaba ebile u balehile naheng ea heno. 20 U sa tsoa fihla, joale na kajeno nka be ke se ke re u tsamaee le rona le hoja ke sa tsebe moo re eang teng? Khutla u tsamaee le bana beno. E se eka Jehova a ka u bontša hore oa u rata* le hore oa tšepahala.”+ 21 Empa Itai a re ho morena: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang le ka moren’a ka ea phelang hore ’na mohlanka oa hao ke tla ea hohle moo u eang teng moren’a ka ’me ke ikemiselitse ho shoa le uena.”+ 22 Kahoo, Davida a re ho Itai:+ “Tsamaea ’me u tšele khohlo.” Eaba Itai oa Mogathe o tšela khohlo hammoho le banna ba hae bohle le bana ba hae.
23 Batho bohle naheng ba ne ba lla habohloko ha batho bana ba ntse ba tšela ’me morena o ne a eme pel’a Khohlo ea Kidrone.+ Batho bohle ba ne ba tšelela tseleng e eang lefeelleng. 24 Tsadoke+ le eena o ne a le teng, a e-na le Balevi+ bohle ba jereng areka+ ea selekane ea Molimo oa ’nete+ ’me ba beha areka ea Molimo oa ’nete fatše. Abiathare+ o ile a nyoloha ha batho bohle ba tsoang motseng ba ntse ba qetela ho tšela. 25 Empa morena a re ho Tsadoke: “Khutlisetsa Areka ea Molimo oa ’nete motseng.+ Haeba ke amoheleha mahlong a Jehova, o tla boela a nkhutlise ’me ke bone areka hape le moo e lulang teng.+ 26 Empa haeba ke sa amohelehe ho eena, a ke a nketse eng kapa eng eo a bonang e lokile mahlong a hae.” 27 Morena a re ho moprista Tsadoke: “Akere u seboni?*+ Khutlelang motseng ka khotso ’me le tsamaee le bara ba lona ba babeli, Akimaze mora oa hao le Jonathane+ mora oa Abiathare. 28 Ke tla ema pel’a maliboho a lefeella ho fihlela ke fumana molaetsa o tsoang ho uena.”+ 29 Kahoo, Tsadoke le Abiathare ba nka Areka ea Molimo oa ’nete, ba e khutlisetsa Jerusalema eaba ba lula moo.
30 Davida o ne a ntse a lla ha a nyoloha Thabeng* ea Mehloaare,+ a ikoahetse hlooho a bile a tsamaea a sa roala letho maotong. Batho bohle ba neng ba e-na le eena le bona ba ne ba ikoahetse lihlooho ’me ba ntse ba lla ha ba nyoloha. 31 Davida a fumana tlaleho e reng: “Akitofele o har’a batho ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Eaba Davida o re: “Jehova,+ ke kopa u etse hore keletso ea Akitofele e se ke ea atleha, e be joaloka ea motho ea se nang kelello.”+
32 Ha Davida a fihla ka holim’a thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ oa Moareke+ o ne a le moo ho tla kopana le eena, a tabotse seaparo sa hae ’me a le mobu hloohong. 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ka tšela le ’na, u tla ba moroalo ho ’na. 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao morena. Ke ne ke le mohlanka oa ntate oa hao nakong e fetileng empa hona joale ke mohlanka oa hao.’+ Ha u etsa joalo u tla khona ho nthusa ho senya leano la Akitofele.+ 35 Moprista Tsadoke le moprista Abiathare ba tla be ba e-na le uena. U bolelle moprista Tsadoke le moprista Abiathare ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang ho tsoa ntlong ea morena.+ 36 Ba na le bara ba bona ba babeli moo e leng Akimaze+ mora oa Tsadoke le Jonathane+ mora oa Abiathare. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang u e romele ka bona.” 37 Kahoo, Hushai motsoalle oa Davida+ a ea motseng ha Absalome a kena Jerusalema.
16 Ha Davida a se a fetile hanyenyane ka holim’a thaba,+ Tsiba+ mohlanka oa Mefiboshethe+ o ne a le moo ho tla kopana le eena ka litonki tse peli, tse neng li jere lilofo tse 200 tsa bohobe, lipolokoe tse 100 tsa morara o omisitsoeng, lipolokoe tse 100 tsa litholoana* tsa lehlabula le jeke e kholo ea veine.+ 2 Eaba morena o re ho Tsiba: “Ke hobane’ng ha u tlisitse lintho tsee?” Tsiba a re: “Litonki ke tsa ba lelapa la morena hore ba li palame, bohobe le litholoana tsa lehlabula ke tsa bahlankana hore ba li je ’me veine ke ea ba tla khathala lefeelleng hore ba e noe.”+ 3 Joale morena a re: “Mora* oa mong’a hao o kae?”+ Eaba Tsiba o re ho morena: “O lutse Jerusalema hobane o itse, ‘Kajeno ntlo ea Iseraele e tla khutlisetsa puso ea Ntate ho ’na.’”+ 4 Eaba morena o re ho Tsiba: “Lintho tsohle tsa Mefiboshethe e se e le tsa hao.”+ Tsiba a re: “Ke inama ka pel’a hao. E se eka nka amoheleha mahlong a hao moren’a ka.”+
5 Ha Morena Davida a fihla Bahurime, monna oa lelapa la ntlo ea Saule ea bitsoang Shimei+ e leng mora oa Gera, a tsoa a rohakana ha a ntse a atamela Davida.+ 6 O ne a betsa Davida le bahlanka bohle ba hae ka majoe hammoho le batho bohle le banna ba matla ba neng ba le lehlakoreng le letona le le letšehali la morena. 7 Shimei o ne a ntse a rohakana a re: “Tloha, tloha uena monna ea molato oa mali, ea se nang thuso! 8 Jehova o khutliselitse molato oohle oa mali oa ntlo ea Saule ho uena, eo u busang sebakeng sa hae ’me Jehova o fa mora oa hao Absalome borena. U tlokotsing hobane u monna ea nang le molato oa mali.”+
9 Abishai mora oa Tseruja+ a re ho morena: “Ke hobane’ng ha ntja ee e shoeleng+ e rohaka moren’a ka?+ Ke kopa u ntumelle hore ke ee ho eena ke e’o mo khaola hlooho.”+ 10 Empa morena a re: “Le kena kae tabeng ee lona bara ba Tseruja?+ Mo tlohele a nthohake+ hobane Jehova o itse ho eena,+ ‘Rohaka Davida!’ Kahoo, ke mang ea tla re, ‘Ke hobane’ng ha u etsa tjee?’” 11 Davida a re ho bahlanka ba hae bohle le ho Abishai: “Ha e le moo mora oa ka eo ke mo tsoetseng a batla ho mpolaea,+ joale le re Mobenjamine eo eena a ka ntlohela?+ Mo tloheleng a nthohake kaha ke Jehova ea itseng a nthohake. 12 Mohlomong Jehova o tla bona bohloko boo ke bo utloang+ ’me Jehova o tla mpha tlhohonolofatso sebakeng sa thohako eo ke e fumaneng kajeno.”+ 13 Davida le banna ba hae ba ’na ba tsamaea ha Shimei a ntse a tsamaea pel’a thaba haufi le Davida, a rohakana,+ a betsa majoe a bile a thuntša lerole le lengata.
14 Qetellong morena le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba fihla moo ba neng ba ea teng eaba baa phomola.
15 Ka nako eo, Absalome le banna bohle ba Iseraele ba fihla Jerusalema ba e-na le Akitofele.+ 16 Ha motsoalle oa Davida e leng Hushai+ oa Moareke+ a fihla ho Absalome, a re ho Absalome: “Morena a ke a phele!+ Morena a ke a phele!” 17 Eaba Absalome o re ho Hushai: “Na lee ke lona lerato* leo u ratang motsoalle oa hao ka lona? Ke hobane’ng ha u sa tsamaea le motsoalle oa hao?” 18 Hushai a re ho Absalome: “Ke ka lehlakoreng la ea khethiloeng ke Jehova, ea khethiloeng ke batho bana le ea khethiloeng ke banna bohle ba Iseraele. Ke tla lula le eena. 19 Hape ke re, Ke lokela ho sebeletsa mang? Na ha kea lokela ho sebeletsa mora oa hae? Ke tla u sebeletsa feela joalokaha ke sebelelitse ntate oa hao.”+
20 Eaba Absalome o re ho Akitofele: “Nkeletse.+ Re etse’ng?” 21 Akitofele a re ho Absalome: “Robala le lirethe* tsa ntate oa hao+ tseo a li siileng hore li hlokomele ntlo.*+ Ha Iseraele eohle e utloa hore u ikentse motho ea nyonyehang ho ntate oa hao, batho ba u tšehetsang ba tla u tšehetsa le ho feta.” 22 Kahoo, ba hlomela Absalome tente holim’a marulelo+ eaba Absalome o robala le lirethe tsa ntate oa hae+ mahlong a Baiseraele bohle.+
23 Mehleng eo, keletso ea Akitofele+ e ne e nkoa e le joaloka lentsoe le tsoang ho* Molimo oa ’nete. Ke kamoo Davida le Absalome ba neng ba nkela likeletso tsohle tsa Akitofele holimo kateng.
17 Eaba Akitofele o re ho Absalome: “Ke kopa u ntumelle hore ke khethe banna ba 12 000 ’me re tsamaee re e’o lelekisa Davida bosiung bona. 2 Ke tla mo hlasela ha a khathetse ebile a se na matla*+ ’me ke mo tšose. Batho bohle ba nang le eena ba tla baleha ’me ke tla bolaea morena feela.+ 3 Joale ke tla khutlisetsa batho bohle ho uena. Taba ea hore batho bohle ba khutle, e itšetlehile ka se tla etsahala ka monna eo u mo batlang. Kahoo, batho bohle ba tla ba le khotso.” 4 Absalome le baholo bohle ba Iseraele ba thabela keletso eo.
5 Leha ho le joalo, Absalome a re: “Ke kopa le bitse le Hushai+ oa Moareke ’me re utloe hore na eena o re’ng.” 6 Hushai a ea ho Absalome. Eaba Absalome o re ho eena: “Ena ke keletso e tsoang ho Akitofele. Na re e sebelise? Haeba u sa lumele, u re bolelle.” 7 Eaba Hushai o re ho Absalome: “Keletso ea Akitofele e ke ke ea sebetsa boemong bona.”+
8 Hushai a boela a re: “U tseba hantle hore ntate oa hao le banna ba hae ba matla+ ebile ba halefile joaloka bere e lahlehetsoeng ke malinyane a eona naheng.+ Hape, ntate oa hao ke monna ea tsebang ntoa,+ a ke ke a qeta bosiu le batho. 9 Hona joale o ipatile lehaheng* le leng kapa sebakeng se seng.+ Ha a ka hlasela pele, batho ba utloang ba tla re, ‘Batho ba latelang Absalome ba hlotsoe!’ 10 Esita le monna ea sebete sa tau+ o tla tšoha hobane Baiseraele bohle baa tseba hore ntate oa hao ke monna ea matla+ le hore banna ba nang le eena ba sebete. 11 ’Na ke fana ka keletso ena: Bokella Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ea Beersheba,+ ba be bangata joaloka lehlabathe la leoatle+ ’me u ba etelle pele ho ea ntoeng. 12 Re tla mo hlasela hohle moo re tla mo fumana teng, re fihle holim’a hae joaloka phoka e oelang fatše. Ha ho le ea mong ea tla phonyoha, ebang ke eena kapa leha e le ofe oa banna ba nang le eena. 13 Haeba a ipatile motseng o mong, re tla ea le Baiseraele bohle ho e’o felisa motse oo ’me re o hulele tlase khohlong ka liropo, ho fihlela ho se na leha e le lejoe le setseng.”
14 Eaba Absalome le banna bohle ba Iseraele ba re: “Keletso ea Hushai oa Moareke e ntle+ ho feta keletso ea Akitofele.” Jehova o ne a ikemiselitse* ho senya keletso e utloahalang ea Akitofele+ e le hore Jehova a ka tlisetsa Absalome tlokotsi.+
15 Hamorao Hushai a re ho moprista Tsadoke le moprista Abiathare:+ “Ena ke keletso eo Akitofele a e fileng Absalome le baholo ba Iseraele ’me ’na ke ba file keletso ena. 16 Joale potlakang le e’o lemosa Davida le re ho eena: ‘Bosiung bona u se ke oa robala malibohong* a lefeelleng empa u etse bonnete ba hore u tšela noka ea Jordane, ho seng joalo uena morena le batho bohle ba nang le uena le tla bolaoa.”+
17 Jonathane+ le Akimaze+ ba ne ba lula Ene-rogele.+ Mosebeletsi oa ngoanana a tsamaea a e’o ba bolella ’me bona ba e’o bolella Morena Davida hobane ho hang ba ne ba sa lokela ho bonoa ba kena motseng. 18 Leha ho le joalo, mohlankana e mong a ba bona ’me a bolella Absalome. Kahoo, Jonathane le Akimaze ba balehela ntlong ea monna e mong Bahurime+ ea neng a e-na le seliba ka jareteng ea hae. Ba fihla ba kena ka ho sona 19 eaba mosali oa monna eo o ala lesela holim’a seliba seo ’me o se koahela ka koro* e tutsoeng. Ho ne ho se na motho ea tsebang ka taba eo. 20 Bahlanka ba Absalome ba tla ho mosali eo ntlong ea hae ’me ba re: “Akimaze le Jonathane ba kae?” Eaba mosali eo o re: “Ba fetile mona ba ea nokeng.”+ Banna bao ba ba sheba empa ha baa ka ba ba fumana eaba ba khutlela Jerusalema.
21 Ka mor’a hore banna bao ba tsamaee, Akimaze le Jonathane ba tsoa ka selibeng eaba ba e’o bolella Morena Davida. Ba re ho eena: “Ema ’me u tšele noka kapele.” Eaba ba mo bolella leano la Akitofele.+ 22 Hang-hang Davida le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba tšela Jordane. Ha letsatsi le chaba, batho bohle ba ne ba se ba tšetse Jordane.
23 Ha Akitofele a bona hore keletso ea hae ha ea sebelisoa, a palama tonki ’me a ea ntlong ea hae motseng oa habo.+ Ka mor’a hore a fe ba lelapa la hae litaelo,+ a iphanyeha.*+ Kahoo, a shoa ’me a pateloa moo baholo-holo ba hae ba patetsoeng teng.
24 Ka nako eo, Davida a ea Mahanaime+ ’me Absalome a tšela Jordane le banna bohle ba Iseraele. 25 Absalome a khetha Amasa+ hore e be eena molaoli oa sesole sebakeng sa Joabe.+ Amasa e ne e le mora oa monna ea bitsoang Jithra oa Moiseraele, ea ileng a robala le Abigaile+ morali oa Nahashe, khaitseli ea Tseruja e leng ’mè oa Joabe. 26 Baiseraele le Absalome ba hloma litente naheng ea Gileade.+
27 Hang ha Davida a fihla Mahanaime, Shobi mora oa Nahashe ea tsoang Raba+ ea Baamone, Makire+ mora oa Amiele ea tsoang Lo-debare le Barzilai+ oa Mogileade ea tsoang Roglime 28 ba tlisa libethe, likotlolo, lijana tsa letsopa, koro, harese, phofo, koro* e halikiloeng, linaoa tse sephara, lensisi, koro* e omisitsoeng, 29 mahe a linotši, botoro, linku le chisi. Ba tlisetsa Davida le batho lintho tsena tsohle hore ba je+ hobane ba ile ba re: “Batho ba lapile, ba khathetse ebile ba nyoriloe lefeelleng.”+
18 Eaba Davida o bala banna ba neng ba e-na le eena ’me o beha balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo hore ba ba okamele.+ 2 Davida a romela banna ba neng ba e-na le eena ka lihlopha tse tharo, molaoli oa* se seng e ne e le Joabe,+ oa se seng e le Abishai+ abuti oa Joabe mora oa Tseruja+ ’me oa se seng e le Itai+ oa Mogathe. Morena a re ho banna bao: “Le ’na ke tla tsamaea le lona.” 3 Empa ba re: “U se ke oa tsamaea le rona+ hobane haeba re baleha, ba ke ke ba ba le taba* le rona. Le haeba halofo ea rona e ka shoa, ba ke ke ba ba le taba le rona hobane uena u lekana le ba 10 000 ba rona.+ Ka lebaka leo, ho ka ba molemo haeba u ka romela batho ho tsoa motseng hore ba tl’o re thusa.” 4 Morena a re ho bona: “Ke tla etsa ntho leha e le efe eo le bonang e le molemo.” Kahoo, Morena a ema pel’a keiti ea motse ’me banna bohle ba tsoa ka lihlopha tsa ba makholo le tsa ba likete. 5 Morena a fa Joabe, Abishai le Itai taelo ena: “Le se ke la tšoara Absalome hampe molemong oa ka.”+ Banna bohle ba utloa ha morena a fa balaoli bohle taelo ena e mabapi le Absalome.
6 Banna ba tsoa ba ea naheng ho ea kopana le Baiseraele ’me ba loanela morung oa Efraime.+ 7 Bahlanka ba Davida ba hlola batho ba Iseraele moo.+ Letsatsing leo ho ile ha bolaoa batho ba bangata e leng banna ba 20 000. 8 Ho ile ha e-ba le ntoa sebakeng seo sohle. Ho ekelletsa moo, letsatsing leo batho ba bolailoeng morung ba ne ba le bangata ho feta batho ba bolailoeng ka sabole.
9 Qetellong Absalome a iphumana a le ka pel’a bahlanka ba Davida. Absalome o ne a palame ’moulo eaba ’moulo o kena tlas’a makala a teteaneng a sefate se seholo ’me a sala a tšoasehile sefateng seo se seholo, a sala a leketlile moeeng* ha ’moulo oo a neng a o palame o fetela pele. 10 Motho e mong a mo bona ’me a bolella Joabe+ a re: “Ke bone Absalome a leketlile sefateng se seholo.” 11 Joabe a re ho monna ea neng a mo bolella: “Ke hobane’ng ha u sa mo bolaela hona moo? Hona joale nka be ke u fa likotoana* tsa silevera tse leshome le lebanta.” 12 Empa monna eo a re ho Joabe: “Le haeba ke ne nka fuoa* likotoana* tsa silevera tse 1 000, ke ne nke ke ka bolaea mora oa morena hobane re ile ra utloa ha morena a ne a laela uena, Abishai le Itai a re, ‘Le etse bonnete ba hore ha ho na motho ea tla bolaea Absalome.’+ 13 Haeba ke ne ke sa mamela eaba kea mo bolaea,* morena o ne a tla tseba ka taba ena ’me u ne u ke ke oa ntšireletsa.” 14 Eaba Joabe o re: “E-re ke tlohele ho itšenyetsa nako ka uena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ea Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo. 15 Joale bahlanka ba leshome ba neng ba jara libetsa tsa Joabe ba fihla ’me ba otla Absalome ho fihlela a shoa.+ 16 Joabe a letsa lenaka ’me banna ba khutla eaba ba tlohela ho lelekisa Baiseraele hobane Joabe o ne a itse ba emise. 17 Ba nka Absalome ba mo lahlela mokoting o moholo ka har’a moru eaba ba beha majoe holim’a hae, ba etsa qubu e kholo.+ Baiseraele bohle ba balehela malapeng a bona.
18 Ha Absalome a ntse a phela, o ne a ile a iketsetsa pilara Khohlong* ea Morena+ hobane o ne a re: “Ha ke na mora ea tla etsa hore lebitso la ka le ’ne le hopoloe.”+ Kahoo, a rehella pilara eo ka eena ’me e ntse e bitsoa Seemahale sa Absalome ho fihlela letsatsing lena.
19 Akimaze+ mora oa Tsadoke a re: “Ke kopa u ntumelle hore ke mathe ke e’o bolella morena litaba tsena hobane Jehova o mo file toka ka ho mo lopolla ho lira tsa hae.”+ 20 Empa Joabe a re ho eena: “Ha se uena ea tla isa litaba letsatsing lena. U ka ’na oa li isa ka letsatsi le leng empa eseng kajeno hobane kajeno ho shoele mora oa morena.”+ 21 Joabe a re ho Mokushe:+ “Tsamaea u e’o bolella morena seo u se boneng.” Eaba Mokushe o inamela Joabe ’me o tloha moo a matha. 22 Akimaze mora oa Tsadoke a boela a re ho Joabe: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ke kopa u ntumelle hore ke mathe ka mor’a Mokushe enoa.” Leha ho le joalo, Joabe a re: “Mora oa ka, ke hobane’ng ha u batla ho matha empa ho se na litaba tseo u ka li tsamaisang?” 23 Empa a ’na a re: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, e-re ke mathe.” Kahoo, Joabe a re ho eena: “Matha!” Joale Akimaze a matha ka tsela ea Setereke sa Jordane ’me qetellong a feta Mokushe.
24 Davida o ne a lutse pakeng tsa likeiti tse peli tsa motse+ eaba molebeli+ o nyolohela holim’a marulelo a keiti e lerakong. Ha a sheba holimo a bona monna ea tlang a matha a le mong. 25 Kahoo, molebeli a hoeletsa a bolella morena. Eaba morena o re: “Haeba o tla a le mong, o tlisitse litaba.” Ha a ntse a atamela haufinyane, 26 molebeli a bona monna e mong a tla a matha. Eaba o hoeletsa molebeli oa keiti o re: “Bona, ho na le monna ea tlang a matha a le mong!” Morena a re: “Enoa le eena o tlisitse litaba.” 27 Molebeli a re: “Kea bona hore monna oa pele o matha joaloka Akimaze+ mora oa Tsadoke” eaba morena o re: “Ke monna ea lokileng, e tlameha ebe o tlisitse litaba tse monate.” 28 Joale Akimaze a hoeletsa morena a re: “Lintho tsohle li hantle!” Ka mor’a moo, a inama ka pel’a morena. Eaba o re: “E se eka Jehova Molimo a ka rorisoa, ea nehelaneng ka banna ba fetohetseng* moren’a ka!”+
29 Empa morena a re: “Na mohlankana Absalome o ntse a ea hantle?” Eaba Akimaze o re: “Ke bone moferefere ha Joabe a roma mohlanka oa morena le ’na mohlanka oa hao empa ke ne ke sa tsebe hore na e ne e le oa eng.”+ 30 Kahoo, morena a re: “Emella ka thoko, u eme mona.” Eaba o emella ka thoko ’me o ema moo.
31 Joale Mokushe a fihla+ ’me a re: “E se eka moren’a ka a ka amohela litaba tsena: Kajeno Jehova o phethahalitse toka ka ho u lokolla ho batho bohle ba neng ba le khahlanong le uena.”+ 32 Empa morena a re ho Mokushe: “Na mohlankana Absalome o ntse a ea hantle?” Eaba Mokushe o re: “E se eka lira tsohle tsa moren’a ka le bohle ba u fetohetseng ba batlang ho u ntša kotsi ba ka ba joaloka mohlankana enoa.”+
33 Taba ena ea utloisa morena bohloko, a nyolohela kamoreng e marulelong holim’a keiti eaba oa lla, o ne a tsamaea a ntse a re: “Mora oa ka Absalome, mora oa ka, mora oa ka Absalome! Hoja ebe ho shoele ’na eseng uena, mora oa ka Absalome, mora oa ka!”+
19 Joabe a fumana tlaleho e reng: “Morena o utloile bohloko ebile oa lla ka lebaka la Absalome.”+ 2 Kahoo, tlholo* ea letsatsing leo ea fetoha bohloko ho batho bohle hobane ba ne ba utloile ho thoe morena o llela mora oa hae. 3 Letsatsing leo, batho ba khutlela motseng ba thotse+ feela joaloka batho ba soabileng hobane ba balehile ntoeng. 4 Morena a ikoahela sefahleho ’me a ’na a lla a hoelelitse a re: “Mora oa ka Absalome! Absalome mora oa ka, mora oa ka!”+
5 Joabe a ea ho morena ka tlung eaba o re: “Kajeno u soabisitse bahlanka bohle ba hao, bao letsatsing lena ba pholositseng bophelo ba hao le ba bara ba hao,+ ba barali ba hao,+ ba basali ba hao le ba lirethe* tsa hao.+ 6 U rata ba u hloileng ’me u hloile ba u ratang kaha u bontšitse ka ho hlaka kajeno hore balaoli le bahlanka ba hao ha se letho ho uena hobane kea tseba hore haeba Absalome a ne a phela kajeno ’me rona kaofela re shoele, u ne u ke ke oa ba le bothata ka taba eo. 7 Joale ema ’me u khothatse* bahlanka ba hao hobane ke hlapanya ka Jehova hore haeba u sa tsoe, ha ho na monna ea tla sala le uena bosiung bona. Ntho eo e tla ba mpe ho uena ho feta likotsi tsohle tseo u kileng oa kopana le tsona ho tloha bocheng ba hao ho fihlela hona joale.” 8 Kahoo, morena a ema eaba o e’o lula keiting ea motse ’me batho bohle ba fuoa tsebiso ena: “Morena o lutse keiting.” Joale batho bohle ba tla ka pel’a morena.
Empa Baiseraele ba ne ba balehile, e mong le e mong a ile ha hae.+ 9 Batho bohle ba malokong ’ohle a Iseraele ba ne ba phehisana ba re: “Morena o re pholositse ho lira tsa rona,+ a ba a re pholosa le ho Bafilista. Empa hona joale o balehile naheng ka lebaka la Absalome.+ 10 Ha e le Absalome eo re mo khethileng hore e be morena oa rona,+ o shoeletse ntoeng.+ Joale ke hobane’ng ha le sa etse letho ho khutlisa morena?”
11 Morena Davida a romela molaetsa ona ho moprista Tsadoke+ le moprista Abiathare:+ “Buang le baholo ba Juda+ le re, ‘Ke hobane’ng ha le e-ba ba ho qetela ba ho khutlisetsa morena ntlong ea hae kaha ke tsebisitsoe hore Baiseraele bohle ba batla hore ke khutle? 12 Le bana beso, lesapo la ka le nama ea ka.* Kahoo, ke hobane’ng ha e le lona ba ho qetela ba ho khutlisa morena?’ 13 Hape le lokela ho re ho Amasa,+ ‘Na ha u lesapo la ka le nama ea ka? E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba u sa be molaoli oa lebotho la ka la sesole ho tloha hona joale sebakeng sa Joabe.’”+
14 Kahoo, a hapa lipelo tsa banna bohle ba Juda a le mong ’me ba romela molaetsa ho morena ba re: “Khutla, uena le bahlanka bohle ba hao.”
15 Morena a khutla ’me a fihla Jordane eaba batho ba Juda ba tla Gilgale+ ho tla kopana le morena le ho mo tšelisetsa ka nģ’ane ho Jordane. 16 Joale Shimei+ mora oa Gera e leng Mobenjamine ea tsoang Bahurime, a potlaka ’me a theoha le banna ba Juda ho ea kopana le Morena Davida. 17 O ne a boetse a e-na le banna ba 1 000 ba tsoang Benjamine. Hape Tsiba+ mohlokomeli oa ntlo ea Saule, bara ba hae ba 15 le bahlokomeli ba hae ba 20, ba potlaka ba theohela Jordane pele ho morena. 18 A* tšela leliboho ho ea lata ba lelapa la morena le ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a e batlang. Empa Shimei mora oa Gera a inama ka pel’a morena ha morena a le haufi le ho tšela Jordane. 19 A re ho morena: “Morena, u se ke oa mpeha molato ’me u se ke oa hopola phoso ea ka+ ea letsatsing leo u neng u tsoa Jerusalema. E se eka morena a ka lebala ka taba eo 20 hobane ’na mohlanka oa hao ke tseba hantle hore ke entse sebe. Kahoo, kajeno ke ’na oa pele ho bohle ba lelapa la Josefa ea tlileng ho tla kopana le uena moren’a ka.”
21 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja+ a re: “Na Shimei ha aa lokela ho bolaoa hobane a rohakile motlotsuoa oa Jehova?”+ 22 Empa Davida a re: “Le kena kae tabeng ee lona bara ba Tseruja,+ ha e le moo kajeno le le khahlanong le ’na? Na ho na le mang kapa mang ea lokelang ho bolaoa kajeno Iseraele? Na ha ke tsebe hore kajeno ke morena oa Iseraele?” 23 Morena a re ho Shimei: “U ke ke oa shoa.” Eaba morena oa mo hlapanyetsa.+
24 Mefiboshethe+ setloholo sa Saule le eena a tla ho tla kopana le morena. O ne a sa ka a hlatsoa maoto a hae, a kuta litelu tsa hae kapa a hlatsoa liaparo tsa hae ho tloha mohlang morena a neng a tsamaea ho fihlela letsatsing leo a khutlileng ka khotso ka lona. 25 Ha a tla* Jerusalema ho tla kopana le morena, morena a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u sa tsamaea le ’na Mefiboshethe?” 26 Mefiboshethe a re: “Moren’a ka, oa tseba hore ke holofetse.+ Ke ne ke itse ho mohlanka oa ka,+ ‘Ntokisetse tonki e le hore ke tle ke e palame ke tsamaee le morena.’ Empa o ile a nqhekella. 27 O ile a nketselletsa ho uena moren’a ka.+ Leha ho le joalo, moren’a ka o joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete. Kahoo, etsa seo u bonang se le molemo. 28 Moren’a ka, u ka be u ile oa bolaea bohle ba lelapa la ntate oa ka empa u ile oa beha ’na mohlanka oa hao har’a ba jang tafoleng ea hao.+ Joale ke na le tokelo efe ea hore ke ’ne ke batle lintho tse ling ho uena morena?”
29 Leha ho le joalo, morena a re ho eena: “U se ke oa hlola u bua ho ea pele. Ke entse qeto ena, uena le Tsiba le tla arolelana tšimo.”+ 30 Eaba Mefiboshethe o re ho morena: “E-re a e nke kaofela hobane u khutletse ntlong ea hao ka khotso moren’a ka.”
31 Joale Barzilai+ oa Mogileade a theoha Roglime a ea Jordane ho ea felehetsa morena ho ea Jordane. 32 Barzilai o ne a tsofetse haholo, a le lilemo li 80, o ne a fa morena lijo ha a ntse a lula Mahanaime+ hobane e ne e le monna ea ruileng haholo. 33 Kahoo, morena a re ho Barzilai: “Tšela le ’na, ke tla u fa lijo Jerusalema.”+ 34 Empa Barzilai a re ho morena: “Ke sa ntse ke tl’o phela lilemo* tse kae hoo nka eang Jerusalema le morena? 35 Kajeno ke lilemo li 80.+ Na nka khona ho bona phapang pakeng tsa se setle le se sebe? Na ’na mohlanka oa hao nka khona ho latsoa seo ke se jang le seo ke se noang? Na ke ntse nka khona ho utloa mantsoe a libini tsa banna le basali?+ Ha ke batle ho ba moroalo ho uena moren’a ka. 36 Ho lekane hore ebe ’na mohlanka oa hao ke u felehelitse ho fihlela Jordane. Ha ho hlokahale hore morena a mpatale. 37 Ke kopa u ntumelle hore ke khutlele motseng oa heso, ke e’o shoella haufi le moo ntate oa ka le ’mè oa ka ba patetsoeng teng.+ Empa mohlanka oa hao Kimhame ke enoa.+ Moren’a ka, e-re a tšele le uena ’me u mo etsetse ntho efe kapa efe eo u bonang e le molemo ho uena.”
38 Kahoo, morena a re: “Ke tla tšela le Kimhame ’me ke tla mo etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u bonang e le molemo. Ke tla u etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nkopang eona.” 39 Batho bohle ba qala ho tšela Jordane. Ha morena a tšela, a suna Barzilai+ eaba oa mo hlohonolofatsa. Barzilai a khutlela hae. 40 Ha morena a tšelela Gilgale,+ Kimhame o ile a tšela le eena. Batho bohle ba Juda le halofo ea batho ba Iseraele ba tšela le morena.+
41 Joale banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena ’me ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha bana ba bo rona e leng banna ba Juda ba ile ba u utsoa e le hore ba tle ba u tšelise Jordane hammoho le ba lelapa la hao le banna bohle ba hao?”+ 42 Banna bohle ba Juda ba araba banna ba Iseraele ba re: “Ke hobane morena o amana le rona.+ Joale ke hobane’ng ha le halefisitsoe ke taba ee? Na re jele lijo tsa morena kapa na o re file mpho?”
43 Leha ho le joalo, banna ba Iseraele ba re ho banna ba Juda: “Re maloko a leshome. Kahoo, Davida o amana le rona ho feta lona. Joale ke hobane’ng ha le re hloile? Na e ne e sa lokela ho ba rona ba pele ba ho khutlisa morena?” Empa banna ba Juda ba hlola banna ba Iseraele ha ba ne ba phehisana ka taba eo.
20 Joale ho ne ho e-na le monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,+ mora oa Bikri oa Mobenjamine. O ile a letsa lenaka+ a re: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ke a khutlele ho molimo* oa hae, uena Iseraele!”+ 2 Eaba banna bohle ba Iseraele ba tlohela ho latela Davida ’me ba latela Sheba mora oa Bikri.+ Empa banna ba Juda ba ’na ba latela morena oa bona ho tloha Jordane ho ea Jerusalema.+
3 Ha morena Davida a khutlela ntlong* ea hae Jerusalema,+ a nka basali ba hae ba lirethe bao a neng a ba siile hore ba hlokomele ntlo+ eaba o ba koalla ka tlung ’me o etsa hore ntlo eo e lebeloe. O ne a ba fa lijo empa ha aa ka a robala le bona.+ Ba ile ba lula ka moo ba koaletsoe ho fihlela ba shoa, ba ne ba phela joaloka bahlolohali le hoja monna oa bona a ne a ntse a phela.
4 Joale morena a re ho Amasa:+ “Mpokellele banna ba Juda pele ho feta matsatsi a mararo, le uena u lokela ho ba teng.” 5 Kahoo, Amasa a bokella banna ba Juda empa a fihla ka mor’a nako eo a neng a e behetsoe. 6 Eaba Davida o re ho Abishai:+ “Sheba+ mora oa Bikri a ka re etsa hampe ho feta kamoo Absalome a re entseng kateng.+ Nka bahlanka ba ka ’me u mo lelekise e le hore a se ke a fihla metseng e sireletsehileng ’me a re phonyoha.” 7 Kahoo, banna ba Joabe,+ Bakerethe, Bapelethe+ le banna bohle ba matla ba tsoa ho ea mo lelekisa. Ba tsoa Jerusalema ho ea lelekisa Sheba mora oa Bikri. 8 Ha ba le haufi le lejoe le leholo Gibeone,+ Amasa+ a tsoa ho tla kopana le bona. Joabe o ne a apere liaparo tsa hae tsa ntoa, a kentse sabole ea hae ka selateng ’me a se tlameletse lethekeng la hae. Ha a atamela Amasa, sabole ea hae ea oa.
9 Joabe a re ho Amasa: “Na u ntse u ikela hantle ngoan’eso?” Eaba Joabe o tšoara litelu tsa Amasa ka letsoho le letona joalokaha eka oa mo suna. 10 Amasa o ne a sa hlokomela sabole e neng e le letsohong la Joabe eaba Joabe o mo hlaba ka eona mpeng+ ’me mala a hae a tsoela fatše. Ha hoa ka ha hlokahala hore a mo hlabe hape, e ile eaba ho felile ka eena. Joale Joabe le abuti oa hae Abishai ba lelekisa Sheba mora oa Bikri.
11 E mong oa bahlanka ba Joabe o ne a eme pel’a Amasa a ntse a re: “Mang kapa mang ea lehlakoreng la Joabe le mang kapa mang eo e leng oa Davida, a ke a latele Joabe!” 12 Ka nako eo, Amasa o ne a ntse a pitika ka har’a mali a hae a le har’a tsela. Ha mohlankana eo a bona hore batho bohle ba ne ba ema, a hulela Amasa ka thoko ho tsela. Eaba o mo koahela ka seaparo hobane o ne a bona hore batho bohle baa ema ha ba fihla pel’a hae. 13 Ha a se a mo tlositse tseleng, banna bohle ba latela Joabe ’me ba lelekisa Sheba+ mora oa Bikri.
14 Sheba a feta malokong ’ohle a Iseraele a ea Abele ea Bethe-maaka.+ Babikri ba bokana hammoho eaba baa mo latela.
15 Joabe le banna ba hae ba thibella Sheba motseng oa Abele ea Bethe-maaka eaba ba haha lerako hore ba hlasele motse hobane o ne o pota-potiloe ke leralla. Banna bohle ba neng ba e-na le Joabe ba thuha lerako e le hore ba le lihe. 16 Mosali e mong ea bohlale a hoeletsa ho tsoa motseng a re: “Banna mamelang, mamelang! Ke kopa le bolelle Joabe hore a tle, ke hloka ho bua le eena.” 17 Eaba Joabe o ea ho eena ’me mosali eo a re: “Na ke uena Joabe?” A re: “E, ke ’na.” Eaba mosali eo o re ho eena: “Mamela mantsoe a lekhoba la hao.” Eaba o re: “Ke mametse.” 18 A tsoela pele a re: “Mehleng ea khale batho ba ne ba tloaetse ho re, ‘E-reng ba batle keletso motseng oa Abele’ ebe taba eo e fella hona moo. 19 Ke emela ba nang le khotso le ba tšepahalang Iseraele. U batla ho felisa motse o kang ’mè ho Iseraele. Ke hobane’ng ha u batla ho felisa lefa la Jehova?”+ 20 Joabe a re: “Ke ntho e sa utloahaleng hore ke felise motse ona. 21 Ha ho joalo empa monna e mong ea bitsoang Sheba+ mora oa Bikri, ea tsoang sebakeng se lithaba sa Efraime+ o fetohetse* Morena Davida. Haeba feela u ka mpha monna eo, nke ke ka felisa motse ona.” Eaba mosali eo o re ho Joabe: “U tla akhelloa hlooho ea hae ka holim’a lerako.”
22 Hang-hang mosali eo ea bohlale a khutlela ho batho bohle ’me ba khaola hlooho ea Sheba mora oa Bikri eaba ba e akhella Joabe. Ka mor’a moo, Joabe a letsa lenaka ’me ba tloha motseng, e mong le e mong a khutlela ha hae.+ Joabe a khutlela Jerusalema ho morena.
23 Joale Joabe o ne a okametse lebotho lohle la Iseraele,+ Benaia+ mora oa Jehojada+ o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ 24 Adorame+ o ne a okametse ba neng ba bitselitsoe ho tla sebeletsa morena, Josafate+ mora oa Akilude e ne e le motlalehi. 25 Sheva e ne e le mongoli ’me Tsadoke+ le Abiathare+ e le baprista. 26 Ira oa Mojaire le eena ea e-ba moeta-pele* ea ka sehloohong oa Davida.
21 Joale ha e-ba le tlala+ ka lilemo tse tharo tse latellanang mehleng ea Davida. Kahoo, Davida a kopa keletso ho Jehova ’me Jehova a re: “Saule le ba lelapa la hae ba molato oa mali hobane ba bolaile Bagibeone.”+ 2 Morena a bitsa Bagibeone+ eaba o bua le bona. (Bagibeone e ne e se Baiseraele empa e ne e le Baamore+ ba setseng ’me Baiseraele ba ne ba hlapantse hore ba ke ke ba ba bolaea+ empa Saule o ne a batla ho ba bolaea hobane o ne a ikemiselitse ho sireletsa batho ba Iseraele le Juda.) 3 Eaba Davida o re ho Bagibeone: “Ke le etsetse’ng ’me ke tlose sebe see joang e le hore le ka hlohonolofatsa lefa la Jehova?” 4 Bagibeone ba re ho eena: “Silevera le khauta+ li ke ke tsa tlosa seo Saule le ba lelapa la hae ba re entseng sona. Hape ha ho na motho eo re ka mo bolaeang Iseraele ka lebaka la seo.” Eaba Davida o re: “Eng kapa eng eo le e buang ke tla le etsetsa eona.” 5 Ba re ho morena: “Monna eloa ea ileng a leka ho re felisa a ba a loha leano la hore ho se ke ha e-ba le sebaka leha e le sefe seo re lulang ho sona Iseraele,+ 6 e-re re fuoe bara ba hae ba supileng. Re tla fanyeha litopo tsa bona*+ ka pel’a Jehova Gibea+ e leng motse oa Saule, mokhethoa oa Jehova.”+ Eaba morena o re: “Ke tla fana ka bona.”
7 Leha ho le joalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora oa Jonathane mora oa Saule, ka lebaka la kano eo a ileng a e etsa le Jonathane+ mora oa Saule ka pel’a Jehova. 8 Kahoo, morena a nka Armoni le Mefiboshethe e leng bara ba babeli ba Rizpa+ morali oa Aja bao a neng a bile le bona le Saule le bara ba bahlano ba Mikale*+ morali oa Saule bao a neng a bile le bona le Adriele+ mora oa Barzilai oa Momehola. 9 A ba fa Bagibeone ’me ba fanyeha litopo tsa bona thabeng ka pel’a Jehova.+ Kaofela ha bona ba supile joalo ba ile ba shoa hammoho matsatsing a qalang a kotulo, ha ho qaloa ho kotuloa harese. 10 Eaba Rizpa+ morali oa Aja o nka lesela le hoashang* o le ala holim’a lerako ho tloha ha ho qaloa ho kotuloa ho fihlela ha pula e nela litopo. Motšehare ha aa ka a lumella linonyana tsa leholimo hore li lule holim’a tsona le bosiu ha aa ka a lumella libata tsa naha hore li atamele litopo tseo.
11 Davida a bolelloa hore na serethe* sa Saule e leng Rizpa morali oa Aja se entse’ng. 12 Kahoo, Davida a ea ’me a nka masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane ho baeta-pele* ba Jabeshe-gileade,+ ba neng ba a utsoitse lebaleng la Bethe-shane, moo Bafilista ba neng ba ba fanyehile teng letsatsing leo ka lona Bafilista ba ileng ba bolaea Saule Gilboa.+ 13 A tlosa masapo a Saule le a Jonathane moo hape a bokella masapo a banna ba neng ba bolailoe.*+ 14 Ba pata masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane Zela+ naheng ea Benjamine lebitleng la Kishe+ ntate oa hae. Ka mor’a hore ba etse lintho tsohle tseo morena a neng a ba laetse tsona, Molimo a mamela likopo tsa bona bakeng sa naha.+
15 Ha boela ha e-ba le ntoa pakeng tsa Bafilista le Baiseraele.+ Kahoo, Davida le bahlanka ba hae ba tsamaea ba e’o loantša Bafilista empa Davida a khathala. 16 Jishbi-benobe ea neng a tsoa lelokong la Barefaime,+ eo lerumo la hae la koporo le neng le le boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho tse tharo*+ le ea neng a e-na le sabole e ncha, o ne a rerile ho bolaea Davida. 17 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja a mo thusa+ ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea. Ka nako eo, banna ba Davida ba mo phehella* ba re: “U se ke oa hlola u tla le rona ntoeng.+ U se ke oa tima lebone la Iseraele.”+
18 Ka mor’a moo, ba boela ba loana le Bafilista+ Gobe. Eaba Sibekai+ oa Mohushathe o bolaea Safe setloholo sa Barefaime.+
19 Ba boela ba loana le Bafilista+ Gobe ’me Elkanane mora oa Jare-oregime oa Mobethlehema a bolaea Goliathe oa Mogathe, lerumo la hae le ne le e-na le mofeng o joaloka thupa ea foreimi e etsang masela.+
20 Ha boela ha e-ba le ntoa Gathe. Ntoeng eo ho ne ho e-na le monna ea boholo bo sa tloaelehang, a e-na le menoana e tšeletseng letsohong ka leng le menoana e tšeletseng leotong ka leng, kaofela ha eona e le 24. Le eena e ne e le setloholo sa Barefaime.+ 21 A ’na a nyefola Iseraele.+ Kahoo, Jonathane mora oa Shimei,+ abuti oa Davida, a mo bolaea.
22 Bana ba bane e ne e le litloholo tsa Barefaime tse lulang Gathe ’me ba ile ba bolaoa ke Davida le bahlanka ba hae.+
22 Davida o ile a binela Jehova mantsoe a pina ena+ letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa ho lira tsohle tsa hae+ le ho Saule.+ 2 O ile a re:
“Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng+ ’me ke eena ea mpholosang.+
3 Molimo oa ka ke lefika la ka+ ’me ke tla balehela ho eena,
Ke thebe+ ea ka le lenaka* la ka la poloko,* setšabelo sa ka se sireletsehileng,*+
Sebaka seo ke balehelang ho sona,+ poloko ea ka.+ O mpholosa ntoeng.
4 Ke kopa thuso ho Jehova, ea tšoaneloang ke ho rorisoa,
Ke tla pholosoa ho lira tsa ka.
5 Maqhubu a bolaeang a ile a mpota-pota.+
Batho ba khopo ba bangata joaloka metsi a moroallo ba ile ba ntšosa.+
O ile a utloa lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,
A nkutloa ha ke lla ke kopa thuso.+
8 Lefatše la sisinyeha la ea koana le koana.+
Ho ne ho tsoa mashala a hlenneng ho eena.
11 A tla a palame kerubime,+ a tla a fofa.
O ne a bonahala holim’a mapheo a lengeloi.*+
12 Ka mor’a moo, a ikoahela ka lefifi e leng ka metsi a matšo le maru a matšo.+
A ne a mo pota-potile ka hohle joaloka tente.
13 Khanya e neng e tsoa ho eena e ile ea etsa hore mollo o tuke mashaleng a hlenneng.
14 Jehova a etsa hore ho be le sealuma leholimong.+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentsoe la hae le utloahale.+
16 Likarolo tse tlase-tlase tsa leoatle tsa bonahala.+
Ha Jehova a khalemela, metheo ea lefatše ea senoleha.
E senoloa ke moea o matla o tsoang linkong tsa hae.+
17 O ile a otlolla letsoho a le holimo.
A ntšoara, a nkhula metsing a tebileng.+
20 A ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*+
A mpholosa hobane ke ne ke mo khahlisa.+
21 Jehova oa mputsa hobane ke lokile.+
Oa mputsa hobane ha ke na molato.*+
22 Ke mamela melao ea Jehova kamehla.
Ha kea etsa lintho tse mpe ’me ka tlohela Molimo oa ka.
23 Ke lula ke hopola melao eohle ea hae.+
Nke ke ka tlohela litaelo tsa hae.+
24 Ke tla lula ke se na molato+ ka pel’a hae.
Ke tla qoba ho etsa phoso.+
26 U tšepahalla motho ea tšepahalang.+
Ea se nang molato,* u mo tšoara ka toka.+
Ke Jehova ea nkhantšetsang lefifing.+
31 Lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse.+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho eena.+
32 Molimo ke mang ntle ho Jehova?+
Lefika ke mang ntle ho Molimo oa rona?+
35 O koetlisa matsoho a ka bakeng sa ntoa,
Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.
38 Ke tla lelekisa lira tsa ka ’me ke li felise,
Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.
39 Ke tla li silakanya ’me ke li felise e le hore li se ke tsa tsoha.+
Li tla oela tlas’a maoto a ka.
40 U tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntoa,+
U tla etsa hore lira tsa ka li oele ka tlas’a ka.+
42 Baa lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ea ba pholosang,
Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.+
43 Ke tla ba sila hore ba be joaloka lerole la lefatše,
Ke tla ba silakanya ke ba hatakele joaloka seretse seterateng.
44 U tla mpholosa ho batho ba heso ba tšoaeang liphoso.+
U tla ntšireletsa hore ke be hlooho ea lichaba,+
Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntšebeletsa.+
46 Balichaba ba tla nyahama.
Ba tla tsoa ba thothomela libakeng tsa bona tse sireletsehileng.
47 Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka.+
Ho ke ho phahamisoe Molimo oa lefika la ka la poloko.+
49 O mpholosa ho lira tsa ka.
U mphahamisetsa holimo,+ hole le ba ntlhaselang.
U mpholosa ho motho ea ratang ho loana.+
50 Jehova, ke ka lebaka leo ke tla u leboha har’a lichaba.+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso:+
51 O etsa liketso tse kholo tsa poloko bakeng sa morena oa hae.+
23 Ana ke mantsoe a ho qetela a Davida:+
“Mantsoe a Davida mora oa Jese+
Le mantsoe a monna ea ileng a phahamisetsoa holimo,+
Motlotsuoa+ oa Molimo oa Jakobo,
‘Ha ea busang batho a lokile,+
A busa ka ho tšaba Molimo,+
4 Ho joaloka leseli la hoseng ha letsatsi le chaba,+
Hoseng ho se nang maru.
Ho joaloka khanya ha pula e qeta ho na,
E etsang hore joang bo mele lefatšeng.’+
5 Na ntlo ea ka ha e joalo ka pel’a Molimo?
O entse selekane sa ka ho sa feleng le ’na,+
Se hlophisitsoeng hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe le se ke keng sa fetoha.
Se bolela poloko eohle ea ka le thabo eohle ea ka,
Na ha se lona lebaka leo a tla etsa hore se atlehe?+
6 Empa banna ba se nang thuso kaofela ba lahliloe+ joaloka lihlahla tse hlabang,
Ba ke ke ba nkoa ka matsoho.
7 Ha motho a ba tšoara,
O lokela hore a be a nkile sebetsa sa tšepe le lerumo,
Ba tla felisoa ka mollo sebakeng sa bona.”
8 Ana ke mabitso a banna ba matla ba Davida:+ Joshebe-bashebethe oa Motakmone ke eena hlooho ea ba bararo.+ O ile a bolaea batho ba 800 ka lerumo la hae ka nako e le ’ngoe. 9 O ne a lateloa ke Eleazare+ mora oa Dodo+ mora oa Akoki, eo e neng e le e mong oa banna ba bararo ba matla ba neng ba e-na le Davida ha ba il’o qala Bafilista. Ba ne ba bokane moo hore ba tl’o loana ’me ha banna ba Iseraele ba baleha, 10 eena o ile a ema ’me a ’na a bolaea Bafilista ho fihlela letsoho le khathetse ’me le se le sa khone ho tlohela sabole.+ Kahoo, Jehova a ba thusa hore ba hlole* haholo letsatsing leo.+ Ka mor’a moo, batho ba mo latela ho ea hlobolisa ba bolailoeng.
11 O ne a lateloa ke Shama mora oa Age oa Moharare. Bafilista ba ne ba bokane Lehi, moo ho neng ho e-na le tšimo e nang le lensisi e ngata. Batho ba ile ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12 Empa a ema har’a tšimo eo, a e loanela ’me a ’na a bolaea Bafilista. Jehova a etsa hore batho ba hae ba hlole.*+
13 Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ea ho Davida lehaheng la Adulame+ nakong ea kotulo, sehlopha sa Bafilista se ne se hlomme litente Khohlong* ea Barefaime.+ 14 Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng+ ’me Bafilista ba ne ba hlomme litente tsa bona Bethlehema. 15 Davida a bua hore na o lakatsa eng, a re: “Ke lakatsa ho noa metsi a tsoang selibeng se keiting ea Bethlehema.” 16 Eaba banna bao ba bararo ba matla ba kena ka nkane litenteng tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng se keiting ea Bethlehema ’me ba a tlisa ho Davida. Empa a hana ho a noa, a a qhalla fatše ka pel’a Jehova.+ 17 Davida a re: “Jehova, le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena. Na nka noa mali+ a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?” Kahoo, a hana ho a noa. Tsena ke lintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba li entseng.
18 Abishai+ abuti oa Joabe mora oa Tseruja+ e ne e le ea ka sehloohong ho ba bang ba bararo. O ile a bolaea batho ba 300 ka lerumo la hae. O ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba banna bane ba bararo.+ 19 Le hoja a ne a hlaheletse ka ho fetisisa ho banna ba bang ba bararo ebile e le molaoli oa bona, o ne a sa fihle boemong ba bane ba bararo ba pele.
20 Benaia+ mora oa Jehojada e ne e le monna ea sebete,* ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele.+ O ile a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe hape a theohela ka sekoting sa metsi letsatsing leo lehloa le neng le khethehile ka lona eaba o bolaea tau.+ 21 A boela a bolaea monna oa Moegepeta ea boholo bo sa tloaelehang. Le hoja Moegepeta eo a ne a tšoere lerumo, o ile a ea ho eena a tšoere molamu, a nka lerumo letsohong la Moegepeta eo eaba o mo bolaea ka lona. 22 Tsena ke lintho tseo Benaia mora oa Jehojada a li entseng. Botumo ba hae bo ne bo tšoana le ba banna ba bararo ba matla. 23 Le hoja a ne a hlaheletse ho feta banna bane ba 30, o ne a sa fihle boemong ba banna ba bararo ba matla. Leha ho le joalo, Davida o ile a mo khetha hore e be e mong oa balebeli ba hae.
24 Asahele+ ngoan’abo Joabe o ne a le har’a banna ba 30: Elkanane mora oa Dodo oa Bethlehema,+ 25 Shama oa Moharode, Elika oa Moharode, 26 Heleze+ oa Mopelete, Ira+ mora oa Ikeshe oa Motekooa, 27 Abi-ezere+ oa Moanathothe,+ Mebunai oa Mohushathe, 28 Zalmone oa Moakoki, Maharai+ oa Monetofa, 29 Helebe mora oa Baana oa Monetofa, Itai mora oa Ribai oa Gibea oa Babenjamine, 30 Benaia+ oa Mopirathone, Hidai oa liphuleng* tsa Gashe,+ 31 Abi-albone oa Moaraba, Azmavethe oa Mobare-hume, 32 Eliaba oa Moshalbone, bara ba Jashene, Jonathane, 33 Shama oa Moharare, Akiame mora oa Sharare oa Moharare, 34 Elifelete mora oa Ahasabai mora oa Momakathe, Eliame mora oa Akitofele+ oa Mogilone, 35 Hezro oa Mokarmele, Parai oa Moarabe, 36 Igale mora oa Nathane oa Zoba, Bani oa Mogade, 37 Zeleke oa Moamone, Naharai oa Mobeerothe, mojari oa lihlomo tsa Joabe mora oa Tseruja, 38 Ira oa Moithere, Garebe oa Moithere+ 39 le Uria+ oa Mohethe. Kaofela ba ne ba le 37.
24 Jehova a boela a halefela Baiseraele+ ha e mong* a ne a susumeletsa Davida khahlanong le bona a re: “Tsamaea u e’o bala+ Baiseraele le Bajuda.”+ 2 Morena a re ho Joabe+ molaoli oa lebotho la sesole: “Ke kopa u ee malokong ’ohle a Iseraele ho tloha Dane ho ea Beersheba+ ’me u ngolise* batho e le hore ke tle ke tsebe palo ea bona.” 3 Empa Joabe a re ho morena: “E se eka Jehova Molimo oa hao a ka eketsa batho ka makhetlo a 100 ’me e se eka mahlo a hao moren’a ka a ka bona ha seo se etsahala. Empa ke hobane’ng ha u batla ho etsa ntho e tjee?”
4 Empa morena a hana ho mamela Joabe le balaoli ba lebotho la sesole. Kahoo, Joabe le balaoli ba lebotho la sesole ba tloha ka pel’a morena ba e’o ngolisa batho ba Iseraele.+ 5 Ba tšela Jordane ’me ba hloma litente Aroere+ ka lehlakoreng le letona* la motse bohareng ba khohlo* ’me ba elella ho Bagade le ho ea Jazere.+ 6 Ka mor’a moo, ba ea Gileade+ le naheng ea Tatime-hodshi eaba ba fetela Dane-jane ’me ba pota le Sidone.+ 7 Eaba ba ea motseng o sireletsehileng oa Tire+ le metseng eohle ea Baheve+ le ea Bakanana, qetellong ba fihla Beersheba+ e Negebe+ ea Juda. 8 Ba ile ba tsamaea naheng eohle ’me ba khutlela Jerusalema ka mor’a likhoeli tse robong le matsatsi a 20. 9 Joabe a fa morena palo ea batho ba neng ba ngolisitsoe. Banna ba matla ba Iseraele ba tšoarang lisabole ba ne ba le 800 000 ’me banna ba Juda ba ne ba le 500 000.+
10 Empa Davida a otloa ke letsoalo*+ ka mor’a hore a bale batho. Eaba Davida o re ho Jehova: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Jehova ke kopa u ntšoarele+ hobane ke entse ka booatla.”+ 11 Ha Davida a tsoha hoseng, Jehova a re ho moprofeta Gade+ ea bonang lipono bakeng sa Davida: 12 “Tsamaea ’me u re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke u fa likotlo tse tharo. Ikhethele eo u e batlang.”’”+ 13 Gade a tla ho Davida a re ho eena: “Na ho tle lilemo tse supileng tsa tlala naheng ea hao?+ Kapa u qete likhoeli tse tharo u baleha u lelekisoa ke lira tsa hao?+ Kapa na ho be le lefu la seoa naheng ea hao ka matsatsi a mararo?+ Joale inahane hantle ’me u tle u mpolelle hore na ke re’ng ho ea nthomileng.” 14 Davida a re ho Gade: “Ke tšoenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuoa kotlo ke motho empa e be Jehova ea re fang kotlo+ hobane eena o mohau haholo.”+
15 Jehova a tlisa lefu la seoa+ Iseraele ho tloha hoseng ho fihlela nakong e behiloeng. Ho ile ha shoa+ batho ba 70 000 ho tloha Dane ho ea Beersheba.+ 16 Ha lengeloi le otlollela letsoho la lona Jerusalema hore le e felise, Jehova a utloa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo+ ’me a re ho lengeloi le neng le tl’o felisa batho: “Ho lekane! Theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le le haufi le seotlo sa Arauna+ oa Mojebuse.+
17 Ha Davida a bona lengeloi le neng le bolaea batho, a re ho Jehova: “Ke ’na ea entseng sebe ’me ke ’na ea entseng phoso empa linku tsee+ tsona li entse’ng? Ke kopa hore u tlise kotlo ena ho ’na le ho ba lelapa la ntate oa ka.”+
18 Kahoo, Gade a tla ho Davida ka letsatsi leo ’me a re ho eena: “Nyoloha u e’o etsetsa Jehova aletare seotlong sa Arauna oa Mojebuse.”+ 19 Eaba Davida oa nyoloha ka mor’a hore Gade a mo bolelle seo Jehova a neng a mo laetse sona. 20 Ha Arauna a sheba tlase ’me a bona morena le bahlanka ba hae ba tla ho eena, hang-hang Arauna a tsoa ’me a inamela morena. 21 Arauna a re: “Ke hobane’ng ha moren’a ka a tlile ho mohlanka oa hae?” Davida a re: “Ho tla reka seotlo sa hao e le hore re hahele Jehova aletare hore boloetse bona bo tšoereng batho bo felisoe.”+ 22 Empa Arauna a re ho Davida: “Moren’a ka, se nke u nyehele ka seo u bonang se le molemo. Likhomo tsa nyehelo ea secheso ke tsena le selei sa ho pola le lijoko* tseo u ka li sebelisang bakeng sa patsi. 23 Morena, Arauna o u fa lintho tsena tsohle.” Eaba Arauna o re ho morena: “E se eka Jehova Molimo oa hao a ka u amohela.”
24 Leha ho le joalo, morena a re ho Arauna: “Che, ke lokela ho se reka. Nke ke ka etsetsa Jehova Molimo oa ka mahlabelo ka lintho tseo ke li fumaneng mahala.” Eaba Davida o reka seotlo le likhomo ka likotoana* tsa silevera tse 50.+ 25 Davida a hahela Jehova aletare+ moo ’me a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng. Eaba Jehova o araba kopo ea Davida bakeng sa sechaba+ ’me a felisa kotlo ea Iseraele.
Kapa: “bolaea.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Kapa: “le bontšitse lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Bithrone eohle.”
Kapa: “ke bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bona! letsoho la ka le tla ba le uena.”
Monna ea holofetseng ea neng a etsa mesebetsi ea basali.
Ka Seheberu: “koporo.”
Ka Seheberu: “bara ba ho se loke.”
Ka Seheberu: “matsoho a hae a tepella.”
Ka Seheberu: “lesapo la hao le nama ea hao.”
Ka Seheberu: “ea ntšang le ea kenyang Iseraele.”
Kapa mohlomong: “O ile a o bitsa.”
Kapa: “Milo.” Lentsoe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Monghali oa Tlholo.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa mohlomong: “pakeng tsa.”
E bolelang “Kotlo ea Uza.”
Ka Seheberu: “itlamme ka.”
Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “ntlo ea borena.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “ea tla tsoa lithong tsa hao tse ka hare.”
Ka Seheberu: “ke tla mo khalemela ka thupa ea batho.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “molao.”
Kapa: “le ka ho lumellana le pelo ea hao.”
Kapa: “ntlo ea borena.”
Ka Seheberu: “ke betileng pelo.”
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Kapa: “pholohe.”
Ka Seheberu: “baprista.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ja bohobe.”
Ka Seheberu: “reteletsang sefahleho.”
Kapa mohlomong: “tafoleng ea ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “banna ba Tobe.”
E leng ea Eufrate.
E leng ka nako ea selemo.
Kapa: “phaleisi.”
Mohlomong o ne a itlhoekisa hobane a le matsatsing.
Ka Seheberu: “o itlhatsoe maoto.”
Mohlomong ke karolo ea lijo tseo motho a neng a li romella moeti oa hae oa bohlokoa.
Ka Seheberu: “mahlong a.”
Kapa: “ngoan’eno.”
Kapa: “letsatsi le chabile.”
Kapa: “letsatsi le chabile.”
Kapa: “o lumella hore sebe sa hao se fete.”
Kapa: “phaleising.”
Ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Khotso.”
E bolelang “Ea Ratoang ke Jah.”
Kapa: “motse oa ’muso.”
Mohlomong ke mehloli ea metsi ea motse oo.
Ka Seheberu: “ ’me lebitso la ka ke lona le tla bitsoa.”
E leng molimo oa litšoantšo.
Ka Seheberu: “talenta e le ’ngoe.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “bohobe ba matšeliso.”
Kapa: “bohobe ba matšeliso.”
Kapa: “bohobe ba matšeliso.”
Kapa: “se khabisitsoeng.”
Ka Seheberu: “o mo kenya mantsoe ka hanong.”
E leng tšepo ea ho ba le litloholo.
Kapa: “mopheteletsi oa mali.”
Ka Seheberu: “ha ho moriri leha o le mong oa hae o tla oela fatše.”
Ka Seheberu: “ea nkentseng mantsoe ana ka hanong.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 200.” Sheba Ntlha ea B14.
E ka ’na eaba e ne e le tekanyo ea boima e neng e sebelisoa ntlong ea borena kapa e le shekele ea “boreneng” e neng e sa tšoane le lishekele tse ling.
Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.
Kapa mohlomong: “lilemo tse 40.”
Kapa: “rapela.” Ka Seheberu: “etsetsa tšebeletso.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “tšela.”
Kapa: “bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moepeng.”
Haholo-holo lifeiga, mohlomong le litholoana tsa sefate sa palema.
Kapa: “setloholo.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “e ne eka motho o botsa.”
Kapa: “a fokotse matsoho ka bobeli.”
Kapa: “mokoting.”
Kapa: “laetse.”
Kapa mohlomong: “mahoatateng.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ikhama.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “letsoho la.”
Ka Seheberu: “beha pelo ho.”
Ka Seheberu: “pakeng tsa leholimo le lefatše.”
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “ba ne ba ka e lekanya ka har’a matsoho a ka.”
Ka Seheberu: “lishekele.”
Kapa: “ke sebetsane le eena ka bolotsana.”
Kapa mohlomong: “marumo.” Ka Seheberu: “lithupa.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “ba phahamisitseng matsoho a bona.”
Kapa: “poloko.”
Ka seheberu: “u bue le lipelo tsa.”
Kapa: “bana beso ba mali.”
Kapa mohlomong: “Ba.”
Kapa mohlomong: “a tsoa.”
Ka Seheberu: “matsatsi a lilemo.”
Kapa mohlomong: “tenteng.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “phahamisitse letsoho.”
Ka Seheberu: “ea e-ba moprista.”
Ka Seheberu: “re tla ba pepesa” e leng ka matsoho le maoto a robehileng.
Kapa mohlomong: “Merabe.”
Kapa mohlomong: “beng ba naha.”
Ka Seheberu: “pepesitsoe.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 300.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “hlapanyetsa.”
Kapa: “mopholosi oa ka ea matla.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mapheo a moea.”
Kapa: “sebaka seo ke nang le bolokolohi ho sona.”
Ka Seheberu: “ke hloekile.”
Ka Seheberu: “monna ea matla.”
Kapa: “maqaqailana.”
Ka Seheberu: “khutsisa.”
Ka Seheberu: “ha litsebe li utloa, ba tla ’mamela.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “se ratehang.”
Kapa: “a ba boloka.”
Kapa: “a boloka batho ba hae.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “mora oa monna ea sebete.”
Sheba 1Kr 21:1.
Kapa: “bale.”
Kapa: “ka boroa.”
Kapa: “pelo ea hae ea mo tšetšetha.”
Kapa: “a soaba.”
Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.